Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 34:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Jehova a qala ho feta ka pel’a sefahleho sa hae ’me a re: “Jehova, Jehova, Molimo ea mohau+ le ea mosa,+ ea liehang ho halefa+ le ea tletseng mosa o lerato+ le ’nete,+

  • Deuteronoma 30:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Jehova Molimo oa hao o tla boela a khutlise baholehuoa+ ba hao ’me a u bontše mohau+ a boele a u phuthe lichabeng tsohle tseo Jehova Molimo oa hao a u hasanyelitseng ho tsona.+

  • 2 Likronike 30:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Etsoe ha le khutlela+ ho Jehova, barab’abo lōna le bara ba lōna ba tla hauheloa+ ke ba ba tšoereng e le baholehuoa, ’me ba lumelloe ho khutlela naheng ena;+ etsoe Jehova Molimo oa lōna o mosa+ ebile o mohau,+ ’me a ke ke a reteletsa sefahleho hōle le lōna haeba le khutlela ho eena.”+

  • Nehemia 9:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 Mohaung oa hao o mongata ha ua ka ua ba felisa+ kapa ua ba tlohela;+ kaha u Molimo ea mosa+ le ea mohau.+

  • Pesaleme 86:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Empa, Jehova, u Molimo ea mohau le ea mosa,+

      Ea liehang ho halefa+ le ea tletseng mosa o lerato le ’nete.+

  • Esaia 54:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 “Ke u tlohetse ka ho feletseng+ ka motsotsoana, empa ke tla u bokella ka mehauhelo e meholo.+

  • Esaia 55:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Motho ea khopo a tlohele tsela+ ea hae, le motho ea kotsi a tlohele menahano+ ea hae; a ke a khutlele ho Jehova, ea tlang ho mo hauhela,+ le ho Molimo oa rōna, etsoe o tla tšoarela ka tsela e khōlō.+

  • 2 Bakorinthe 1:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Ho bokoe Molimo le Ntate+ oa Morena oa rōna Jesu Kreste, Ntate oa mehauhelo e bonolo+ le Molimo oa matšeliso ’ohle,+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela