Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 7:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Le timetse lichaba tsohle tseo Jehova Molimo oa lōna a le fang tsona.+ Mahlo a lōna a se ke a li utloela bohloko;+ ’me le se ke la sebeletsa melimo ea tsona,+ hobane seo e tla ba leraba ho lōna.+

  • Pesaleme 106:36
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 36 Ba ’na ba sebeletsa litšoantšo tsa tsona tse rapeloang,+

      Tsa fetoha leraba ho bona.+

  • Ezekiele 20:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 Ka ba tlisa naheng+ eo ke ileng ka phahamisa letsoho la ka ka ho etsa kano hore ke tla ba fa eona.+ Ha ba bona leralla le leng le le leng le phahameng+ le sefate se seng le se seng se makala, joale ba qala ho etsa mahlabelo a bona+ moo le ho fana ka nyehelo ea bona e halefisang moo, le ho hlahisa menko ea bona e khathollang+ moo le ho tšolla linyehelo tsa bona tsa lino moo.+

  • Baefese 4:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ka hona, sena kea se bua le ho se paka Moreneng, hore le se ke la hlola le tsamaea feela joalokaha lichaba+ le tsona li tsamaea ho se ruiseng molemo ha likelello+ tsa tsona,

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela