Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 18:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 Ka lebaka leo ba nka pohoana eo a ba fileng eona. Joale ba e lokisa, ’me ba ’na ba ipiletsa lebitsong la Baale ho tloha hoseng ho fihlela motšehare, ba re: “Baale, re arabe!” Empa ho ne ho se na lentsoe,+ ’me ho ne ho se na ea arabang.+ Ba ’na ba qhiletsa ho potoloha aletare eo ba neng ba e entse.

  • 1 Marena 18:39
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 39 Ha batho bohle ba bona seo, kapele-pele ba itihela fatše ka lifahleho+ ’me ba re: “Jehova ke Molimo oa ’nete! Jehova ke Molimo oa ’nete!”

  • Esaia 41:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Bolelang lintho tse tlang ka mor’a moo, e le hore re tsebe hore le melimo.+ E, le tšoanela ho etsa se molemo kapa le etse bobe, e le hore re talime koana le koana ’me re ho bone ka nako e tšoanang.+

  • Jeremia 10:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Li joaloka setšosa sa tšimo ea likomkomere, ’me ha li tsebe ho bua.+ Ruri lia kakasoa, etsoe ha li khone ho tlosa leoto.+ Le se ke la li tšaba, etsoe li ke ke tsa etsa letho le bakang tlokotsi ’me, ho feta moo, ha li khone ho etsa letho le molemo.”+

  • 1 Bakorinthe 8:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Joale malebana le ho ja+ lijo tse nyeheloang ho litšoantšo tse rapeloang, rea tseba hore setšoantšo se rapeloang hase letho+ lefatšeng, le hore ha ho na Molimo haese a le mong.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela