Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 15:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 “Ke soabile+ hore ebe ke entse hore Saule a buse e le morena, hobane o tlohetse+ ho ntatela, ’me ha aa phetha mantsoe a ka.”+ Hoo ha bakela Samuele mahlomola,+ ’me a ’na a hoeletsa ho Jehova bosiu bohle.+

  • 1 Samuele 15:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Eaba Samuele o re: “Na Jehova o thabela linyehelo tsa secheso+ le mahlabelo joalokaha a thabela ho mameloa ha lentsoe la Jehova? Bona! Ho mamela+ ho molemo ho feta sehlabelo,+ ho ela hloko ho molemo ho feta mafura+ a lipheleu;

  • 1 Samuele 15:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 etsoe borabele+ bo tšoana le sebe sa bonohe,+ ’me ho iketelletsa pele ka ho inkela molao matsohong ho tšoana le ho sebelisa matla a boselamose le terafime.+ Kaha u lahlile lentsoe la Jehova,+ ka lebaka leo oa u lahla hore u se ke ua ba morena.”+

  • Pesaleme 37:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  7 Khutsa ka pel’a Jehova+

      U mo letele ka tlholohelo.+

      U se ke ua iponahatsa u halefetse mang kapa mang ea atlehisang tsela ea hae,+

      U halefetse motho ea phethang likhopolo tsa hae.+

  • Liproverbia 11:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Na ho iketelletsa pele ho tlile? Joale ho se hlomphehe ho tla tla;+ empa bohlale bo ho ba inyenyefatsang.+

  • Liproverbia 13:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Ka ho iketelletsa pele motho o baka ntoa feela,+ empa ho ba rerisanang hammoho ho na le bohlale.+

  • Liproverbia 21:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Moithorisi ea iketelletsang pele, ea ikhopolang ho tlōla ke lebitso la ea etsang ka khalefo ea ho iketelletsa pele.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela