28 Re nyolohela hokae? Barab’abo rōna ba re nyahamisitse lipelo,+ ba re: “Moo re bone batho ba baholo le ba balelele ho re feta,+ metse e meholo le e etselitsoeng liqhobosheane tse fihlang maholimong+ ’me re bone bara ba Baanake.”’+
9 A re ho banna bao: “Ke fela ke tseba hore ka sebele Jehova o tla le fa naha ena,+ le hore ho le tšaba ho re oetse holimo,+ le hore baahi bohle ba naha ba nyahame ka lebaka la lōna.+
5 Banna ba Ai ba bolaea banna ba ka bang mashome a mararo a metso e tšeletseng ba bona, eaba ba qala ho ba lelekisa+ ho tloha ka pel’a heke ho ea fihla Shebarime ’me ba tsoela pele ho ba bolaela motheōng. Ka lebaka leo lipelo tsa sechaba tsa qala ho qhibiliha tsa e-ba joaloka metsi.+