Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Joshua 6:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 Joale Joshua a etsa hore ho phatlalatsoe kano ka nako eo, e reng: “E se eka motho ea emang ’me a haha motse ona, eona Jeriko, a ka rohakoa ka pel’a Jehova. A ke a behe motheo oa oona ka ho lahleheloa ke letsibolo la hae, ’me a emise mamati a oona ka ho lahleheloa ke ngoana oa hae e monyenyane.”+

  • Joshua 23:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 “Joale, bonang! kajeno ke tsamaea ka tsela ea lefatše lohle,+ ’me le tseba hantle ka lipelo tsa lōna tsohle le ka meea ea lōna eohle hore ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng ’ona le hlōlehileng ho phethahala. A phethahetse kaofela bakeng sa lōna. Ha ho lentsoe leha le le leng la ’ona le hlōlehileng ho phethahala.+

  • Zakaria 1:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Leha ho le joalo, mabapi le mantsoe a ka le melao ea ka ea tsamaiso eo ke e laetseng bahlanka ba ka, baprofeta,+ na ha aa fella ka bobe ho bo-ntat’a lōna?’+ Kahoo ba ile ba khutla ’me ba re: ‘Ho ea ka seo Jehova oa mabotho a neng a hopotse ho se etsa ho rōna,+ ho ea ka litsela tsa rōna le ho ea ka mesebetsi ea rōna, ke kamoo a re entseng kateng.’”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela