Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 12:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 U se ke ua etsa ka tsela eo ho Jehova Molimo oa hao,+ etsoe li etselitse melimo ea tsona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e manyala ho Jehova eo a e hloileng, etsoe esita le bara ba tsona le barali ba tsona kamehla li ba chesetsa melimo ea tsona mollong.+

  • 1 Marena 11:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Joale Solomone a haha sebaka se phahameng+ bakeng sa Kemoshe+ ntho e nyonyehang+ ea Moabe thabeng+ e neng e le ka pel’a+ Jerusalema, le bakeng sa Moloke ntho e nyonyehang ea bara ba Ammone.

  • 2 Marena 17:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 ba tsoela pele ho fetisa bara ba bona le barali ba bona mollong+ le ho sebelisa bonohe+ le ho batla lipontšo tsa se tlang,+ ’me ba ’na ba ithekisetsa+ ho etsa se sebe mahlong a Jehova, ho mo siteloa;+

  • 2 Likronike 28:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 A etsa mosi+ oa sehlabelo phuleng ea mora oa Hinome+ ’me a chesa bara+ ba hae mollong, ho ea ka lintho tse manyala+ tsa lichaba tseo Jehova a neng a li lelekile ka pel’a bara ba Iseraele.+

  • Pesaleme 106:37
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 37 Ba ne ba hlabela bademona bara ba bona+

      Le barali ba bona.+

  • Jeremia 7:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 Ba hahile libaka tse phahameng tsa Tofethe,+ e phuleng ea bara ba Hinome,+ e le hore ba chese bara ba bona le barali ba bona mollong,+ e leng ntho eo ke neng ke sa ka ka e laela le e neng e sa ka ea hlaha pelong ea ka.’+

  • Ezekiele 16:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 “‘Ua nka bara ba hao le barali ba hao bao u ntsoaletseng bona,+ ua ba etsa sehlabelo bakeng sa tsona hore li ba harole+—na liketso tsa hao tsa botekatse ha lia lekana?

  • 1 Bakorinthe 10:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Che; empa ke re lintho tseo lichaba li li etsang sehlabelo li li hlabela bademona,+ eseng Molimo; ’me ha ke batle hore le be le karolo le bademona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela