Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 26:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Ke tla lokela ho roba boikakaso ba matla a lōna ’me ke etse maholimo a lōna joaloka tšepe+ le lefatše la lōna joaloka koporo.

  • Deuteronoma 28:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Maholimo a hao a holim ’a hlooho ea hao le ’ona a tla fetoha koporo, ’me lefatše le ka tlas’a hao le fetohe tšepe.+

  • 2 Samuele 21:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Joale ha e-ba le tlala+ matsatsing a Davida ka lilemo tse tharo, lilemo tse latellanang; Davida a batla keletso ho Jehova. Joale Jehova a re: “Ho na le molato oa mali ho Saule le ho ntlo ea hae, hobane o bolaile+ Bagibeone.”

  • 1 Marena 17:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Elia+ Motishba ea tsoang ho baahi ba Gileade+ a re ho Akabe: “Ka Jehova Molimo oa Iseraele ea phelang+ eo ke emeng+ ka pel’a hae, lilemong tsena ho ke ke ha e-ba le phoka kapa pula,+ haese ka taelo ea lentsoe la ka!”+

  • Pesaleme 105:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 A bitsetsa tlala lefatšeng;+

      A roba molamu o mong le o mong oo mahobe a lesoba hare a fanyehiloeng ho oona.+

  • Liketso 11:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 E mong oa bona ea bitsoang Agabase+ a ema ’me a qala ho bontša ka moea hore tlala e khōlō e ne e le mothating oa ho tlela lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona;+ eo, kamoo ho bileng kateng, e ileng ea fela ea e-ba teng nakong ea Claudiase.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela