-
Esdrase 3:8Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
8 Ka selemo sa bobeli sa ho tla ha bona ntlong ea Molimo oa ’nete Jerusalema, ka khoeli ea bobeli,+ Zorobabele+ mora oa Shalatiele+ le Jeshua+ mora oa Jozadake le barab’abo bona ba bang kaofela, baprista le Balevi, le bohle ba neng ba tsoile kholehong+ ho tla Jerusalema ba qala; joale ba beha Balevi+ boemong ba ho sebeletsa e le batsamaisi ba mosebetsi oa ntlo ea Jehova+ ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo.
-
-
Esdrase 4:3Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
3 Leha ho le joalo, Zorobabele le Jeshua+ le ba bang kaofela bao e leng lihlooho+ tsa malapa a habo ntat’a bona tsa Iseraele ba re ho bona: “Ha ho moo le kopanang teng le rōna ka ho hahela Molimo oa rōna ntlo,+ etsoe re tla hahela Jehova Molimo oa Iseraele re le hammoho, feela joalokaha Morena Cyruse+ morena oa Persia a re laetse.”
-