Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 25:36
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 36 U se ke ua batla phaello le tsoala ho eena,+ empa u tšabe Molimo oa hao;+ ’me mor’eno a tsoele pele a phela le uena.

  • Nehemia 5:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Ha e le babusisi ba pele ba bileng teng pele ho ’na, ba ne ba imelitse batho, ’me ba ne ba ntse ba nka lishekele tse mashome a mane tsa silevera ho bona bakeng sa bohobe le veine letsatsi le leng le le leng. Hape, bahlanka ba bona ba ile ba hatella batho.+ Ha e le ’na, ha kea ka ka etsa ka tsela eo+ ka lebaka la ho tšaba Molimo.+

  • Jobo 28:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 A tsoela pele ho re ho motho,

      ‘Bona! Ho tšaba Jehova—ke bohlale,+

      Ho furalla bobe ke kutloisiso.’”+

  • Liproverbia 8:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Ho tšaba Jehova ho bolela ho hloea bobe.+ Ke hloile boiphahamiso le boikakaso+ le tsela e mpe le molomo o khelohileng.+

  • Moeklesia 8:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Le hoja moetsalibe a ka etsa bobe+ ka makhetlo a lekholo ’me a tsoela pele ka nako e telele kamoo a ratang kateng, empa leha ho le joalo ke boetse kea hlokomela hore lintho li tla tsamaea hantle ho ba tšabang Molimo oa ’nete,+ hobane ba ne ba mo tšaba.+

  • Malakia 1:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 “‘Mora o hlompha ntate;+ ’me mohlanka, o hlompha mong’a hae e moholo.+ Kahoo haeba ke le ntate,+ ha le ntlhomphe ke’ng?+ Haeba ke le Monghali e Moholo, ha le ntšabe+ ke’ng?’ Ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng ho lōna, baprista ba nyelisang lebitso la ka.+

      “‘Le itse: “Re nyelisitse lebitso la hao ka tsela efe?”’

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela