Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 19:34
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 34 Mojaki ea lulang e le mojaki hammoho le lōna o lokela ho ba ho lōna joaloka letsoalloa la habo lōna; le mo rate joalokaha le ithata,+ etsoe le bile bajaki naheng ea Egepeta.+ Ke ’na Jehova Molimo oa lōna.

  • Levitike 24:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 “‘Qeto e le ’ngoe ea boahloli e lokela ho tsoela pele bakeng sa lōna. Mojaki o lokela ho tšoana le letsoalloa,+ hobane ke ’na Jehova Molimo oa lōna.’”+

  • Ruthe 1:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Ruthe a re: “U se ke ua nkōpa ka tieo hore ke u tlohele, ke khutle ke se ke ka tsamaea le uena; kaha ke tla ea moo u eang teng, ’me ke tla hlola bosiu moo u hlolang bosiu teng.+ Batho ba heno e tla ba batho ba heso,+ ’me Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka.+

  • 1 Marena 8:43
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 43 e se eka u ka mamela u le maholimong, sebaka sa hao sa bolulo se tiisitsoeng,+ ’me u etse ho ea ka sohle seo osele a hoeletsang ho uena ka sona;+ e le hore lichaba tsohle tsa lefatše li ka tseba lebitso+ la hao e le hore li u tšabe joalokaha sechaba sa hao sa Iseraele se u tšaba, e le hore li ka tseba hore lebitso la hao le ’nile la bitsoa ntlong ena eo ke e hahileng.+

  • Esthere 8:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Liprofinseng tsohle tse fapaneng le metseng e fapaneng kae kapa kae moo lentsoe la morena le molao oa hae li neng li fihla teng ha e-ba le nyakallo le thabo e khaphatsehang bakeng sa Bajuda, mokete+ le letsatsi le letle; ’me lichaba+ tse ngata naheng eo tsa ipolela hore ke Bajuda,+ kaha li ne li tšaba+ Bajuda.

  • Bagalata 5:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Ho feta moo, ke boetse ke pakela monna e mong le e mong ea bollang hore o tlamehile ho phetha Molao+ kaofela.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela