Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Likronike 28:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 “Uena, mora oa ka Solomone, tseba+ Molimo oa ntat’ao ’me u mo sebeletse+ ka pelo+ e feletseng le ka moea+ o thabileng; etsoe Jehova o phenya+ lipelo tsohle, ’me o lemoha+ tšekamelo e ’ngoe le e ’ngoe ea menahano. Haeba u mo batla, o tla etsa hore u mo fumane;+ empa haeba u mo tlohela,+ o tla u lahla ka ho sa feleng.+

  • 2 Likronike 15:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Ka lebaka leo a tsoela ka pel’a Asa ’me a re ho eena: “U nkutloe, Uena Asa le Bajuda bohle le Benjamine! Jehova o na le lōna hafeela le e-na le eena;+ haeba le mo batla,+ o tla etsa hore le mo fumane, empa haeba le mo tlohela o tla le tlohela.+

  • 2 Likronike 19:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ntle+ tse fumanoeng ho uena, hobane u tlositse lipalo tse halalelang naheng+ ’me u lokisitse pelo ea hao hore e batle Molimo oa ’nete.”+

  • Jobo 28:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 A tsoela pele ho re ho motho,

      ‘Bona! Ho tšaba Jehova—ke bohlale,+

      Ho furalla bobe ke kutloisiso.’”+

  • Esaia 55:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Batlang Jehova, ha a sa ntse a ka fumanoa.+ Mo bitseng ha a sa ntse a le haufi.+

  • 1 Petrose 3:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Etsoe mahlo+ a Jehova a talimile ba lokileng, ’me o sekehela thapeli ea bona tsebe;+ empa sefahleho sa Jehova se khahlanong le ba etsang lintho tse mpe.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela