4 Kahoo ke tla tlohela pelo ea Faro hore e be manganga,+ ka sebele o tla ba lelekisa ’me ke tla itlotlisa ka Faro le mabotho ’ohle a hae a sesole;+ ’me ka sebele Baegepeta ba tla tseba hore ke ’na Jehova.”+ Tumellanong le hoo ba fela ba etsa joalo.
10 Etsoe re utloile kamoo Jehova a ileng a pshesa metsi a Leoatle le Lefubelu ka pel’a lōna ha le tsoa Egepeta,+ le seo le ileng la se etsa ho marena a mabeli a Baamore a neng a le ka lehlakoreng lane la Jordane, e leng, Sihone+ le Oge,+ ao le ileng la a nehela timetso.+
20 Ho ekelletsa moo, batho ba Bethe-shemeshe ba re: “Ke mang ea tla khona ho ema ka pel’a Jehova Molimo eo ea halalelang,+ ’me o tla ikhula ho rōna a ee ho mang?”+
19 Joale, Jehova Molimo oa rōna,+ ka kōpo, re pholose+ letsohong la hae, e le hore mebuso eohle ea lefatše e ka tseba hore uena, Jehova, u Molimo u le mong.”+