Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 7:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 U se ke ua haroha letsoalo ka lebaka la bona, etsoe Jehova Molimo oa hao o har’a lōna,+ Molimo e moholo le ea tšabehang.+

  • Deuteronoma 28:58
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 58 “Haeba u sa ele hloko hore u phethe mantsoe ’ohle a molao ona a ngotsoeng bukeng+ ena e le hore u tšabe lebitso lena le khanyang+ le le tšabehang,+ la Jehova,+ Molimo oa hao,

  • Nehemia 9:32
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 32 “Joale, Molimo oa rōna, Molimo e moholo,+ ea matla+ le ea tšabehang,+ ea bolokang selekane+ le mosa o lerato,+ u se ke ua tlohela hore tsietsi eohle e hlahetseng rōna,+ marena a rōna,+ likhosana tsa rōna+ le baprista ba rōna+ le baprofeta ba rōna+ le baholo-holo ba rōna+ le batho ba hao bohle ho tloha matsatsing a marena a Assyria ho fihlela letsatsing lena,+ e bonahale e le nyenyane ka pel’a hao.+

  • Pesaleme 8:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Jehova Morena oa rōna, lebitso la hao le hlompheha hakaakang lefatšeng lohle,+

      Uena eo ho hlompheha ha hao ho phetoang ka holim’a maholimo!+

  • Pesaleme 66:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  3 E-reng ho Molimo: “Mesebetsi ea hao e tšabeha hakaakang!+

      Ka lebaka la bongata ba matla a hao lira tsa hao li tla ikokobeletsa uena.+

  • Pesaleme 148:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Ba ke ba rorise lebitso la Jehova,+

      Etsoe lebitso la hae ke lona feela le phahameng ka tsela e ke keng ea fihleloa.+

      Ho hlompheha ha hae ho ka holim’a lefatše le leholimo.+

  • Esaia 29:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 etsoe ha a bona bana ba hae, mosebetsi oa matsoho a ka, ho eena,+ ba tla halaletsa lebitso la ka,+ ’me ka sebele ba tla halaletsa Mohalaleli oa Jakobo,+ ’me ba talime Molimo oa Iseraele ka tšabo e nang le tlhompho.+

  • Tšenolo 15:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Jehova,+ ka sebele ke mang ea ke keng a u tšaba,+ ’me a tlotlisa lebitso la hao,+ hobane ke uena feela ea tšepahalang?+ Etsoe lichaba kaofela li tla tla ’me li rapele ka pel’a hao,+ hobane melao-taelo ea hao e lokileng e bonahalitsoe.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela