Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esdrase 7:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 O mpontšitse mosa o lerato+ ka pel’a morena le baeletsi+ ba hae le mabapi le likhosana tsohle tse matla tsa morena. Ke ile ka imatlafatsa ho ea ka letsoho+ la Jehova Molimo oa ka le holim ’a ka, ’me ka qala ho bokella ba ka sehloohong ho tsoa Iseraele hore ba nyolohe le ’na.

  • Pesaleme 18:50
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 50 O etsetsa morena oa hae+ liketso tse khōlō tsa poloko

      O bontša mosa oa hae o lerato ho motlotsuoa oa hae,+

      Ho Davida le ho peō ea hae ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+

  • Pesaleme 68:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  7 Molimo, ha u tloha ka pel’a batho ba hao,+

      Ha u tsamaea ho pholletsa le lehoatata+—Selah—

  • Esaia 11:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Letsatsing leo Jehova o tla boela a fane ka letsoho la hae, ka lekhetlo la bobeli,+ bakeng sa ho fumana masala a batho ba hae ba setseng Assyria+ le Egepeta+ le Pathrose+ le Kushe+ le Elame+ le Shinare+ le Hamathe le lihlekehlekeng tsa leoatle.+

  • Esaia 61:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Ha e le lōna, le tla bitsoa baprista ba Jehova;+ ho tla thoe le basebeletsi+ ba Molimo oa rōna.+ Le tla ja maruo a lichaba,+ ’me khanyeng ea tsona le tla ipolela ka nyakallo.+

  • Zakaria 8:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Ho tla etsahala matsatsing ao hore banna ba leshome ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba+ ba tla tšoara,+ e, ba tla tšoara moleka oa seaparo sa monna oa Mojuda,+ ba re: “Re tla tsamaea le lōna,+ etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.”’”+

  • Matheu 24:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 O tla romela mangeloi a hae ka molumo+ o moholo oa terompeta, ’me a tla bokella bakhethoa+ ba hae ho tsoa meeeng e mene,+ ho tloha pheletsong e ’ngoe ea maholimo ho isa pheletsong e ’ngoe ea ’ona.

  • Tšenolo 11:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ka mor’a matsatsi a mararo le halofo+ moea oa bophelo o tsoang ho Molimo oa kena ho tsona,+ ’me tsa ema ka maoto, eaba tšabo e khōlō e oela ba li bonang.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela