31 Etsoe Jehova Molimo oa lōna ke Molimo ea mohau.+ A ke ke a le lahla kapa a le felisa kapa a lebala selekane+ sa baholo-holo ba lōna seo a ba hlapanyelitseng sona.
16 Ho tla ba le tsela+ e khōlō Assyria bakeng sa masala+ a batho ba hae a tla sala,+ feela joalokaha e ile ea e-ba teng bakeng sa Iseraele letsatsing la ha e tsoa naheng ea Egepeta.
8 empa ba tla re, ‘Jehova oa phela ea ntšitseng le ea tlisitseng bana ba ntlo ea Iseraele naheng e ka leboea le linaheng tsohle tseo ke ba qhalakanyelitseng ho tsona,’ ’me ka sebele ba tla lula naheng ea bona.”+
17 “Ka hona e-re, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ke tla boela ke le phuthe lichabeng le ho le bokella linaheng tseo le neng le hasantsoe ho tsona, ’me ke tla le neha naha ea Iseraele.+