Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 11:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Letsatsing leo Jehova o tla boela a fane ka letsoho la hae, ka lekhetlo la bobeli,+ bakeng sa ho fumana masala a batho ba hae ba setseng Assyria+ le Egepeta+ le Pathrose+ le Kushe+ le Elame+ le Shinare+ le Hamathe le lihlekehlekeng tsa leoatle.+

  • Jeremia 30:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 “Ha e le uena, u se ke ua tšaba, Uena mohlanka oa ka Jakobo,” ho bolela Jehova, “’me u se ke ua tšoha, Uena Iseraele.+ Etsoe bona! ke u pholosa u le hōle le bana ba hao naheng ea kholeho ea bona.+ Ka sebele Jakobo o tla khutla ’me a se ke a khathatsoa ’me a lule ka boiketlo, ’me ha ho na ea tla baka ho thothomela.”+

  • Jeremia 32:37
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 37 ‘Bonang! ke ba bokella ho tsoa linaheng tsohle tseo ke tla beng ke ba qhalakanyelitse ho tsona ka bohale ba ka le ka khalefo ea ka le ka tlhonamo e khōlō;+ ke tla ba khutlisetsa sebakeng sena ’me ke etse hore ba lule ba sireletsehile.+

  • Ezekiele 20:42
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 42 “‘Le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova,+ ha ke le tlisa naheng ea Iseraele,+ naheng eo ke ileng ka phahamisa letsoho ka kano hore ke tla e fa baholo-holo ba lōna.

  • Ezekiele 34:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Ke tla li ntša+ har’a lichaba ke li phuthe ho tloha linaheng ’me ke li tlise naheng ea tsona+ ke li fulise lithabeng tsa Iseraele, likotopong le libakeng tsohle tsa bolulo tsa naha.+

  • Ezekiele 36:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Ke tla le ntša lichabeng ke le bokelle ho tsoa linaheng tsohle ’me ke le tlise naheng ea lōna.+

  • Ezekiele 37:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Ka hona profeta, ’me u re ho bona, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bonang! ke bula libaka tsa lōna tsa lepato,+ ’me ke tla le ntša libakeng tsa lōna tsa lepato, Lōna batho ba ka, ke le tlise naheng ea Iseraele.+

  • Amose 9:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Ke tla khutlisa baholehuoa ba batho ba ka ba Iseraele,+ ’me ba tla haha metse e entsoeng lesupi le ho lula ho eona,+ ’me ba leme lirapa tsa morara le ho noa veine ea tsona, ’me ba etse lirapa le ho ja litholoana tsa tsona.’+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela