7 Ha e le motho ea hlokang boitšoaro, likofuto tsa hae li mpe;+ o fane ka keletso bakeng sa liketso tsa boitšoaro bo hlephileng,+ ho timetsa ba hlorileng ka lipolelo tsa bohata,+ esita le ha mofutsana a bua se nepahetseng.
3 lōna bao hape le jeleng nama ea sechaba sa ka,+ ’me la tlosa letlalo la sona ho sona, la ba la robokella masapo a sona, ’me la a silakanya joaloka se leng ka pitseng e molomo o moholo le joaloka nama e leng ka har’a pitsa.+
14 Ka melamu ea hae u hlabile+ lihlooho tsa bahlabani ba hae ha ba tsamaea joaloka moea o matla oa sefefo ho nkhasanya.+ Nyakallo ea bona e fetisisang e ne e le joaloka ea ba ikemiselitseng ho harola ea hlorileng sebakeng se patehileng.+
4 Bonang! Moputso o loketseng basebetsi ba kotutseng masimo a lōna empa oo le o tšoereng,+ o ntse o hoeletsa,+ ’me mehoo ea bakotuli e kōpang thuso+ e kene litsebeng+ tsa Jehova oa mabotho.