9 “U se ke ua noa veine kapa joala bo tahang,+ uena hammoho le bara ba hao, ha le kena ka tenteng ea pokano, hore le se ke la shoa. Ke taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang bakeng sa meloko ea lōna,
15 Batsamaisi ba melaetsa ba ile ba tsoa, ba potlaka+ ka lebaka la lentsoe la morena, ’me molao oa fanoa Shushane+ qhobosheaneng. Ha e le morena le Hamane, ba lula fatše ho noa;+ empa ha e le motse oa Shushane,+ o ne o e-na le pherekano.+
17 Ho thaba uena, naha, ha morena oa hao e le mora oa ba hlomphehang le likhosana tsa hao li ja ka nako e tšoanetseng bakeng sa matla, eseng bakeng sa ho noa feela.+
7 Le bana—ba khelohile ka lebaka la veine ’me ba lelerile ka lebaka la joala bo tahang. Moprista le moprofeta+—ba khelohile ka lebaka la joala bo tahang, ba ferekane ka lebaka la veine, ba lelerile+ ka lebaka la joala bo tahang; ba khelohile ponong ea bona, ba thekesetse mabapi le qeto.