Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 1:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Le se ke la ba leeme kahlolong.+ Le lokela ho utloa e monyenyane le e moholo ka ho tšoana.+ Le se ke la tšosoa ke motho,+ etsoe kahlolo ke ea Molimo;+ nyeoe e boima haholo bakeng sa lōna, le lokela ho e hlahisa ho ’na, ’me ke tla e mamela.’+

  • 2 Samuele 8:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Davida a ’na a busa Baiseraele bohle;+ Davida o ne a sa khaotse ho etsetsa batho+ bohle ba hae qeto ea boahloli le ho loka.+

  • Pesaleme 58:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Moloko oa batho o tla re:+ “Ka sebele ho na le litholoana bakeng sa ea lokileng.+

      Ka sebele ho na le Molimo ea ahlolang lefatšeng.”+

  • Pesaleme 72:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  2 E se eka a ka buella nyeoe ea batho ba hao ka ho loka+

      Le ea batho ba hao ba hlorileng ka qeto ea boahloli.+

  • Esaia 11:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 O tla ahlola ba tlaase ka ho loka,+ ’me o tla fana ka khalemelo ka ho loka molemong oa ba bonolo ba lefatše. O tla otla lefatše ka thupa ea molomo oa hae;+ ’me a bolaee ea khopo ka moea oa molomo oa hae.+

  • Jeremia 22:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Etsang toka le ho loka, ’me le lopolle ea tlatlapuoang letsohong la molotsana; ’me le se ke la tšoara mojaki leha e le ofe hampe, moshanyana ea se nang ntate kapa mohlolohali.+ Le se ke la ba ntša kotsi.+ Le se ke la tšolla mali leha e le afe a hlokang molato sebakeng sena.+

  • Johanne 7:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Khaotsang ho ahlola ka ponahalo ea ka ntle, empa le ahlole ka kahlolo+ e lokileng.”

  • Baheberu 1:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 U ratile ho loka, ’me u hloile tlōlo ea molao. Ke ka lebaka leo Molimo, Molimo oa hao, a u tlotsitseng+ ka oli ea thabo e khaphatsehang ho feta balekane+ ba hao.”

  • Tšenolo 19:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ka bona leholimo le buleha, ’me, bonang! pere e tšoeu.+ Ea e palameng o bitsoa ea Tšepahalang+ le oa ’Nete,+ ’me o ahlola le ho loana ka ho loka.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela