11 le matlo a tletseng lintho tsohle tse ntle ao u sa kang ua a tlatsa ka tsona, le liliba tse chekiloeng tseo u sa kang ua li cheka, lirapa tsa morara le lifate tsa mohloaare tseo u sa kang ua li lema, ’me u jele u khotše,+
13 Ke tla u fa le seo u sa se kōpang,+ maruo+ le khanya, hoo ho tla beng ho sa ka ha e-ba leha e le ofe har’a marena ea tšoanang le uena, ka matsatsi ’ohle a hao.+
12 Ha e le Jehova, ka mor’a moo a hlohonolofatsa+ qetello ea Jobo ho feta tšimoloho+ ea hae, hoo a ileng a ba le linku tse likete tse leshome le metso e mene le likamele tse likete tse tšeletseng le lipane tse sekete tsa likhomo le liesele tse tšehali tse sekete.
17 Fana ka litaelo ho ba ruileng+ tsamaisong ea hona joale ea lintho hore ba se ke ba iphahamisa,+ le hore ba se ke ba beha tšepo ea bona maruong+ a sa tsitsang, empa ba e behe ho Molimo, ea re fang lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele;+