Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 62:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Le mosa o lerato ke oa hao, Jehova,+

      Etsoe u buseletsa e mong le e mong ho ea ka mosebetsi oa hae.+

  • Moeklesia 11:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Mohlankana, u thabele+ bocha ba hao, ’me pelo ea hao e u etsetse se molemo matsatsing a bohlankana ba hao, ’me u tsamaee ka litsela tsa pelo ea hao le ka lintho tse bonoang ke mahlo a hao.+ Empa tseba hore Molimo oa ’nete o tla u tlisa kahlolong ka lebaka la tsena tsohle.+

  • Matheu 12:36
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 36 Ke le bolella hore polelo e ’ngoe le e ’ngoe e sa ruiseng molemo eo batho ba e buang, ba tla ikarabella+ malebana le eona ka Letsatsi la Kahlolo;

  • Luka 12:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Empa ha ho letho le patiloeng ka hloko le ke keng la senoloa, le leo e leng sephiri le ke keng la tsejoa.+

  • Liketso 17:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 Hobane o behile letsatsi leo ka lona a rerang ho ahlola+ ka ho loka lefatše leo ho ahiloeng ho lona ka monna eo a mo behileng, ’me o fane ka tiiso ho batho bohle ka hore o mo tsositse+ bafung.”

  • 1 Bakorinthe 4:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Kahoo le se ke la ahlola+ letho pele ho nako e loketseng, ho fihlela Morena a fihla,+ ea tla tlisa lintho tsa sephiri tsa lefifi leseling+ ’me a bonahatse merero ea lipelo,+ ’me joale e mong le e mong o tla fumana thoriso ea hae e tlang ho eena e tsoa ho Molimo.+

  • 2 Bakorinthe 5:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Etsoe kaofela re tla bonahatsoa ka pel’a setulo sa kahlolo sa Kreste,+ e le hore e mong le e mong a ka fumana moputso oa hae bakeng sa lintho tse entsoeng ka ’mele, ho ea ka lintho tseo a ’nileng a tloaela ho li etsa, ebang li molemo kapa li mpe.+

  • 1 Timothea 5:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Libe tsa batho ba bang li bonahala+ phatlalatsa, li lebisa ka ho toba kahlolong, empa ha e le batho ba bang libe tsa bona le tsona li bonahala hamorao.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela