Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 16:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Empa Jehova a re ho Samuele: “U se ke ua talima ponahalo ea hae le bophahamo ba seemo sa hae,+ kaha ke mo lahlile. Etsoe tsela eo motho a bonang ka eona hase [tsela eo Molimo a bonang ka eona],+ hobane motho o bona se bonahalang mahlong;+ empa ha e le Jehova, o bona seo pelo+ e leng sona.”

  • Jobo 34:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Etsoe o tla putsa+ motho oa lefatše ho ea ka tsela eo a sebetsang ka eona,

      O tla etsa hore motho a etsahalloe ke ho hong ho ea ka tsela ea hae.

  • Liproverbia 24:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Haeba u ka re: “Bonang! Re ne re sa tsebe sena,”+ na ea lekanyang lipelo a ke ke a ho lemoha,+ ’me ea hlokomelang moea oa hao a tsebe+ ’me ka sebele a buseletse motho oa lefatše ho ea ka mosebetsi oa hae?+

  • Jeremia 32:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 ea nang le morero+ o moholo le ea liketso li ngata,+ uena eo mahlo a hae a talimileng litsela tsohle tsa bara ba batho,+ e le hore u fe e mong le e mong ho ea ka litsela tsa hae le ho ea ka litholoana tsa mesebetsi ea hae;+

  • Ezekiele 7:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 Morena o tla siama;+ esita le morenana o tla apara lesupi,+ ’me matsoho a batho ba naha a tla khathatseha. Ke tla ba etsa ho ea ka tsela ea bona,+ ke tla ba ahlola ka likahlolo tsa bona;+ ’me ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’”+

  • Baroma 2:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 O tla buseletsa e mong le e mong ho ea ka mesebetsi+ ea hae:

  • 2 Bakorinthe 5:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Etsoe kaofela re tla bonahatsoa ka pel’a setulo sa kahlolo sa Kreste,+ e le hore e mong le e mong a ka fumana moputso oa hae bakeng sa lintho tse entsoeng ka ’mele, ho ea ka lintho tseo a ’nileng a tloaela ho li etsa, ebang li molemo kapa li mpe.+

  • Bagalata 6:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Le se ke la thetsoa:+ Molimo a ke ke a songoa.+ Etsoe leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule;+

  • Bakolose 3:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Ka sebele ea etsang se fosahetseng o tla boela a amohele+ seo a ileng a se etsa ka mokhoa o fosahetseng, ’me ha ho leeme.+

  • 2 Timothea 4:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Alexandere+ setei sa koporo o nkentse hampe hangata—Jehova o tla mo buseletsa ho ea ka liketso+ tsa hae—

  • 1 Petrose 1:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ho feta moo, haeba le ipiletsa ho Ntate ea ahlolang ka ho hloka leeme+ ho ea ka mosebetsi oa e mong le e mong, le itšoare ka tšabo+ nakong ea ho lula ha lōna ka bojaki.+

  • Tšenolo 20:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Ka bona bafu, ba baholo le ba banyenyane,+ ba eme ka pel’a terone, ’me meqolo ea buloa. Empa moqolo o mong oa buloa; ke moqolo oa bophelo.+ Bafu ba ile ba ahloloa ka lintho tse ngotsoeng meqolong eo ho ea ka liketso tsa bona.+

  • Tšenolo 22:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 “‘Bona! Ke tla kapele,+ ’me moputso+ oo ke nehelanang ka oona o ho ’na, ho fa e mong le e mong kamoo mosebetsi oa hae o leng kateng.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela