Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Likronike 28:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 “Uena, mora oa ka Solomone, tseba+ Molimo oa ntat’ao ’me u mo sebeletse+ ka pelo+ e feletseng le ka moea+ o thabileng; etsoe Jehova o phenya+ lipelo tsohle, ’me o lemoha+ tšekamelo e ’ngoe le e ’ngoe ea menahano. Haeba u mo batla, o tla etsa hore u mo fumane;+ empa haeba u mo tlohela,+ o tla u lahla ka ho sa feleng.+

  • Pesaleme 62:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Le mosa o lerato ke oa hao, Jehova,+

      Etsoe u buseletsa e mong le e mong ho ea ka mosebetsi oa hae.+

  • Liproverbia 24:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Haeba u ka re: “Bonang! Re ne re sa tsebe sena,”+ na ea lekanyang lipelo a ke ke a ho lemoha,+ ’me ea hlokomelang moea oa hao a tsebe+ ’me ka sebele a buseletse motho oa lefatše ho ea ka mosebetsi oa hae?+

  • Jeremia 32:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 ea nang le morero+ o moholo le ea liketso li ngata,+ uena eo mahlo a hae a talimileng litsela tsohle tsa bara ba batho,+ e le hore u fe e mong le e mong ho ea ka litsela tsa hae le ho ea ka litholoana tsa mesebetsi ea hae;+

  • Ezekiele 33:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 “Le itse, ‘Tsela ea Jehova ha ea loka.’+ Ke tla ahlola e mong le e mong ho ea ka litsela hae,+ Lōna ba ntlo ea Iseraele.”

  • Matheu 16:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 Etsoe Mor’a motho o reretsoe hore a tle ka khanya ea Ntat’ae a e-na le mangeloi a hae, ’me joale o tla buseletsa e mong le e mong ho ea ka boitšoaro+ ba hae.

  • Baroma 2:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 O tla buseletsa e mong le e mong ho ea ka mesebetsi+ ea hae:

  • 2 Bakorinthe 5:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Etsoe kaofela re tla bonahatsoa ka pel’a setulo sa kahlolo sa Kreste,+ e le hore e mong le e mong a ka fumana moputso oa hae bakeng sa lintho tse entsoeng ka ’mele, ho ea ka lintho tseo a ’nileng a tloaela ho li etsa, ebang li molemo kapa li mpe.+

  • Bagalata 6:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Le se ke la thetsoa:+ Molimo a ke ke a songoa.+ Etsoe leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule;+

  • 1 Petrose 1:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ho feta moo, haeba le ipiletsa ho Ntate ea ahlolang ka ho hloka leeme+ ho ea ka mosebetsi oa e mong le e mong, le itšoare ka tšabo+ nakong ea ho lula ha lōna ka bojaki.+

  • Tšenolo 22:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 “‘Bona! Ke tla kapele,+ ’me moputso+ oo ke nehelanang ka oona o ho ’na, ho fa e mong le e mong kamoo mosebetsi oa hae o leng kateng.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela