-
Esthere 8:15Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
15 Ha e le Mordekai, a tloha ka pel’a morena a apere seaparo sa borena+ se seputsoa le line, a roetse moqhaka o moholo oa khauta, ’me a apere seaparo sa ka holimo sa lesela la boleng bo botle,+ esita le sa boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu.+ Motse oa Shushane oa tlerola litlatse ’me oa thaba.+
-
-
Sefela sa Lifela 3:10Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
10 Litšiea tsa lona o li entse ka silevera, litšehetso tsa lona ke tsa khauta. Setulo sa lona ke sa boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu, bokahare ba lona bo lokisitsoe ka lerato ke barali ba Jerusalema.”
-