25 “‘“Ke tla hlaba selekane sa khotso le tsona,+ ’me ka sebele ke tla etsa hore sebata se kotsi se fele naheng,+ ’me li tla lula lefeelleng li sireletsehile li robale morung.+
18 Ka sebele ke tla hlaba selekane letsatsing leo bakeng sa bona mabapi le sebata sa naha+ le sebōpuoa se fofang sa maholimo le sehahabi sa lefatše, ’me ke tla felisa seqha le sabole le ntoa naheng,+ ’me ke tla ba robatsa ka tšireletseho.+