Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 60:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 “Pefo ha e sa tla hlola e utluoa naheng ea heno, tlatlapo kapa thipitlo har’a meeli ea heno.+ Ka sebele u tla bitsa marako a hao Poloko+ le liheke tsa hao Thoriso.

  • Esaia 65:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng; ba ke ke ba lema ’me e mong a je. Etsoe matsatsi a sechaba sa ka a tla ba joaloka matsatsi a sefate;+ ’me bakhethoa ba ka ba tla sebelisa mosebetsi oa matsoho a bona ka botlalo.+

  • Jeremia 23:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Matsatsing a hae Juda e tla bolokoa,+ le Iseraele e tla lula e sireletsehile.+ Lena ke lebitso la hae leo a tla bitsoa ka lona, Jehova ke ho Loka ha Rōna.”+

  • Ezekiele 34:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 “‘“Ke tla hlaba selekane sa khotso le tsona,+ ’me ka sebele ke tla etsa hore sebata se kotsi se fele naheng,+ ’me li tla lula lefeelleng li sireletsehile li robale morung.+

  • Hosea 2:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Ka sebele ke tla hlaba selekane letsatsing leo bakeng sa bona mabapi le sebata sa naha+ le sebōpuoa se fofang sa maholimo le sehahabi sa lefatše, ’me ke tla felisa seqha le sabole le ntoa naheng,+ ’me ke tla ba robatsa ka tšireletseho.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela