7 Ho ke ke ha e-ba le bofelo+ bongateng ba puso ea bohosana+ le khotso, teroneng ea Davida+ le ’musong oa hae e le ho o tiisa ka thata+ le ho o tšehetsa ka toka+ le ka ho loka,+ ho tloha joale ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Cheseho ea Jehova oa mabotho e tla etsa sena.+
17 Joale a apara ho loka joaloka seaparo se makhakhapha a tšepe,+ ’me a roala helmete ea poloko hloohong.+ Ho feta moo, a apara liaparo tsa phetetso+ ’me a ikapesa cheseho joalokaha eka ke seaparo se se nang matsoho.+
13 Ka sebele khalefo ea ka e tla fela+ ’me ke tla kokobetsa bohale ba ka holim ’a bona+ le ho itšelisa;+ ’me ba tla lokela ho tseba hore ’na, Jehova, ke buile ka ho tsitlella boinehelo bo khethehileng,+ ha ke phetha khalefo ea ka holim ’a bona.
14 ’me lengeloi le neng le bua le ’na la tsoela pele ho re ho ’na: “Hoeletsa, u re, ‘Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Ke ’nile ka boulella Jerusalema le Sione ka poulelo e khōlō.+