Joele
2 “Letsang lenaka Sione,+ ’me le tlerole mohoo oa ntoa+ thabeng ea ka e halalelang.+ Baahi bohle ba naha ba ke ba ferekane;+ kaha letsatsi la Jehova lea tla,+ etsoe le haufi! 2 Ke letsatsi la lefifi le botšo,+ letsatsi la maru le botšo bo boholo, joaloka khanya ea mafube ha e aliloe holim ’a lithaba.+
“Ho na le batho ba bangata le ba matla;+ ba joaloka bona ha baa etsoa hore ba be teng ho tloha nakong e fetileng e sa lekanyetsoang,+ ’me ka mor’a bona ho ke ke ha e-ba le ba bang hape ho isa lilemong tsa moloko o mong ka mor’a o mong. 3 Ka pel’a bona mollo o chesitse,+ ’me ka mor’a bona lelakabe lea chesa.+ Naha ka pel’a bona e joaloka serapa sa Edene;+ empa ka mor’a bona ke lefeella la lesupi, ’me ha ho letho ho tsoa moo le phonyohang.
4 “Ponahalo ea bona e joaloka ponahalo ea lipere, ’me ba ntse ba matha joaloka lipere tsa ntoa.+ 5 Joaloka molumo oa likoloi litlhōrōng tsa lithaba ba ntse ba tlōla-tlōla,+ joaloka molumo oa mollo o tukang o chesang litlhaka.+ Ba joaloka batho ba matla, ba entseng thekō ea ntoa.+ 6 Ka lebaka la bona, lichaba li tla utloa bohloko bo boholo.+ Ha e le lifahleho tsohle, ka sebele li tla bokella ho phatsima ha ho feha matšoafo.+
7 “Ba matha joaloka banna ba matla.+ Ba hloa lerako joaloka banna ba ntoa. E mong le e mong o ea ka tsela ea hae, ’me ha ba fetole litsela+ tsa bona. 8 E mong ha a sutumetse e mong. Joaloka monna ea phetseng hantle ’meleng tseleng ea hae, ba ntse ba e-ea; ’me haeba ba bang ba oa har’a metsu, ba bang ha ba khelohe tsela.
9 “Ba potlakela motseng. Ba matha lerakong. Ba hloella matlong. Ba kena ka lifensetere joaloka lesholu. 10 Ka pel’a bona naha e tsukutlehile, maholimo a reketlile. Letsatsi le khoeli li fifetse,+ ’me linaleli li honyelitse khanya+ ea tsona. 11 Ka sebele Jehova o tla fana ka lentsoe+ la hae ka pel’a lebotho la hae la sesole,+ etsoe lebotho la hae le lengata haholo.+ Kaha ea phethang lentsoe la hae o matla; etsoe letsatsi la Jehova le leholo+ ’me le tšosa haholo, ’me ke mang ea ka tiisetsang tlas’a lona?”+
12 “Joale hape,” ho bolela Jehova, “khutlelang ho ’na ka lipelo+ tsohle tsa lōna, le ka ho itima lijo+ le ka ho lla le ka ho bokolla.+ 13 Le hahole lipelo+ tsa lōna, eseng liaparo+ tsa lōna; ’me le khutlele ho Jehova Molimo oa lōna, kaha o mosa ’me o mohau,+ o lieha ho halefa+ ’me o tletse mosa o lerato,+ ’me ka sebele o tla ikutloa a soabile ka lebaka la tlokotsi.+ 14 Ke mang ea tsebang hore na o tla khutla ’me a ikutloe a soabile+ ’me a siee tlhohonolofatso ka mor’a bona,+ nyehelo ea lijo-thollo le nyehelo ea seno bakeng sa Jehova Molimo oa lōna?
15 “Letsang lenaka Sione, Lōna banna.+ Halaletsang nako ea ho itima lijo.+ Bitsang seboka se hlomphehang.+ 16 Bokellang batho. Halaletsang phutheho.+ Phuthang banna-baholo. Bokellang bana le ba anyang matsoele.+ Monyali a tsoe kamoreng ea hae e ka hare, le monyaluoa leqatheng la hae.
17 “Pakeng tsa mathule le aletare+ baprista, basebeletsi ba Jehova, ba ke ba lle ’me ba re, ‘Jehova, utloela batho ba hao bohloko, ’me u se ke ua etsa lefa la hao nyeliso,+ hore lichaba li ba buse. Ke hobane’ng ha ba lokela ho re har’a lichaba: “Molimo oa bona o hokae?”’+ 18 Jehova o tla chesehela naha+ ea hae ’me o tla bontša qenehelo ho batho ba hae.+ 19 Jehova o tla araba ’me a re ho batho ba hae, ‘Bonang! ke le romela lijo-thollo le veine e ncha le oli, ’me ka sebele le tla e khora;+ nke ke ka hlola ke le etsa nyeliso har’a lichaba.+ 20 Ke tla suthisetsa oa leboea+ hōle le lōna, ’me ke tla mo qhalakanyetsa naheng e se nang metsi le e lesupi, sefahleho sa hae se lebile leoatleng le ka bochabela+ ’me karolo ea hae e ka morao e lebile leoatleng le ka bophirimela.+ Ka sebele monko o mobe o tsoang ho eena o tla nyoloha,+ ’me seputa se tsoang ho eena se tla ’ne se nyolohe; hobane O tla etsa ntho e khōlō ho seo A se etsang.’
21 “U se ke ua tšoha, Uena mobu. Thaba ’me u nyakalle; kaha Jehova o tla etsa ntho e khōlō ho seo A se etsang.+ 22 Le se ke la tšoha, lōna liphoofolo tsa naha e sabaletseng,+ kaha ka sebele makhulo a lefeella a tla ba matala.+ Etsoe sefate se tla fana ka litholoana+ tsa sona. Sefate sa feiga le sefate sa morara li tla fana ka mafolofolo a tsona.+ 23 Lōna bara ba Sione, thabang ’me le nyakalle ho Jehova Molimo oa lōna;+ kaha o tla tlameha ho le neha pula ea lehoetla ka tekanyo e nepahetseng,+ ’me o tla theolela holim ’a lōna pula ea litloebelele, pula ea lehoetla le pula ea selemo, joaloka pele.+ 24 Liotlo li tla tlala ka lijo-thollo tse hloekisitsoeng, ’me likhakeletsi tsa lihatelo li tla khaphatseha ka veine e ncha le oli.+ 25 Ke tla le buseletsa bakeng sa lilemo tseo ka tsona tsie, tsie e hahabang, e se nang mapheo, le lephele le pōpane li jeleng, lebotho la ka le leholo la sesole leo ke le rometseng har’a lōna.+ 26 Ka sebele le tla ja, le je ’me le khore,+ ’me le tla tlameha ho rorisa lebitso la Jehova Molimo oa lōna,+ ea le entseng ka ho hlollang hakana;+ ’me batho ba ka ba ke ke ba hlajoa ke lihlong ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 27 Le tla lokela ho tseba hore ’na ke har’a Iseraele,+ le hore ke ’na Jehova Molimo oa lōna ’me ha ho e mong.+ Batho ba ka ba ke ke ba hlajoa ke lihlong ho isa nakong e sa lekanyetsoang.
28 “Ka mor’a moo ke tla tšollela moea+ oa ka holim ’a nama ea mofuta o mong le o mong,+ ’me ka sebele bara ba lōna le barali+ ba lōna ba tla profeta. Ha e le banna-baholo ba lōna, ba tla lora litoro. Ha e le bahlankana ba lōna, ba tla bona lipono. 29 Ke tla tšollela moea oa ka esita le holim ’a bahlanka le holim ’a makhabunyane matsatsing ao.+
30 “Ke tla etsa limakatso maholimong+ le lefatšeng, mali le mollo le topallo ea mosi.+ 31 Letsatsi le tla fetoha lefifi,+ le khoeli e fetohe mali,+ pele letsatsi le leholo le le tšosang la Jehova le fihla.+ 32 E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha;+ kaha Thabeng ea Sione le Jerusalema ho tla ba le baphonyohi,+ feela joalokaha Jehova a boletse, le har’a ba setseng, bao Jehova a ba bitsang.”+