Ho Thaba ba Lulang ba Falimehile!
“Bonang! Ke tla joaloka lesholu. Ho thaba ea lulang a falimehile ’me a boloka liaparo tsa hae tsa ka ntle.”—TŠENOLO 16:15.
1. Kaha letsatsi la Jehova le haufi, re ka lebella eng?
LETSATSI la Jehova le leholo le haufi, ’me seo se bolela ntoa! Ponong, moapostola Johanne o ile a bona “lipolelo tse bululetsoeng ke bademona” tse kang lihoho li e-ea ho “marena” ’ohle, kapa babusi ba lefatše. Ho ea etsa’ng? Ho “a bokellela hammoho ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle”! Johanne o ile a phaella: “Tsa a bokellela hammoho sebakeng seo ka Seheberu se bitsoang Har–Magedone.”—Tšenolo 16:13-16.
2. Gogo oa Magogo ke mang, ’me ho tla etsahala eng ha a hlasela batho ba Jehova?
2 Ka potlako, Jehova o tla susumelletsa lefapha la lipolotiki la tsamaiso ena hore le timetse Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. (Tšenolo 17:1-5, 15-17) Joale, Gogo oa Magogo, Satane Diabolose ea theoletsoeng lefatšeng, o tla hlophisa makhotla a hae ’me a etse boiteko bohle ba ho hlasela batho ba Jehova ba nang le khotso, ba bonahalang eka ha baa sireletseha. (Ezekiele 38:1-12) Empa Molimo o tla nka khato ho pholosa batho ba hae. Seo se tla tšoaea ho qhoma ha “letsatsi la Jehova le leholo, le tšabehang.”—Joele 2:31; Ezekiele 38:18-20.
3. U ka hlalosa liketsahalo tse boletsoeng esale pele ho Ezekiele 38:21-23 joang?
3 E, Jehova o tla pholosa batho ba hae ’me a timetse mesaletsa leha e le efe ea tsamaiso ea Satane nakong eo re fihlang boemong ba lefatše bo bitsoang Har–Magedone, kapa Armagedone. Bala mantsoe a boprofeta a Ezekiele 38:21-23 ’me u bone ketsahalo eo ka mahlo a kelello. Jehova o sebelisa matla a hae ho tlisa likhohola, lifako tse senyang, mollo o chalametsang, lefu la seoa le bolaeang. Hohle ho tlala tšabo ha makhotla a Gogo a ferekana, a loantšana. Lira leha e le life tsa Molimo ea Matla ’Ohle tse pholohang lia timetsoa ha Jehova a sebelisa mekhoa e phahametseng tlhaho hore a pholose bahlanka ba hae. Ha “matšoenyeho a maholo” a boletsoeng esale pele a fetile, ha ho letho le tla beng le setse la tsamaiso eo e seng ea bomolimo ea Satane. (Matheu 24:21) Leha ho le joalo, leha ba le bohlokong bo tšabehang ba lefu, ba khopo ba tla tseba hore na ke mang ea ikarabellang bakeng sa tlokotsi ea bona. Molimo oa rōna ea hlōlang o re: “Ba tla tseba hoba ke ’na Jehova.” Liketsahalo tsena tse sa tloaelehang li tla etsahala mehleng ea rōna, nakong ea ho ba teng ha Jesu.
Ho Tla Joaloka Lesholu
4. Jesu o tla tla ka mokhoa ofe ho tla timetsa tsamaiso ee e khopo ea lintho?
4 Morena Jesu Kreste ea fuoeng khanya o itse: “Bonang! Ke tla joaloka lesholu.” Ho tla ho kang ha lesholu e tla ba ha tšohanyetso, ka nako e sa lebelloang ha boholo ba batho bo robetse. Ha Jesu a e-tla joaloka lesholu ho tla timetsa tsamaiso ena e khopo, o tla boloka bao ka sebele ba falimehileng. O ile a bolella Johanne: “Ho thaba ea lulang a falimehile ’me a boloka liaparo tsa hae tsa ka ntle, e le hore a se ke a tsamaea a hlobotse ’me batho ba talima lihlong tsa hae.” (Tšenolo 16:15) Mantsoe ao a na le bohlokoa bofe? Hona ke joang re ka lulang re falimehile moeeng?
5. Ke tokisetso efe ea tšebeletso ea tempele e neng e le teng nakong ea ha Jesu a sa le lefatšeng?
5 Ka tloaelo, molebeli o ne a ke ke a hlobolisoa haeba a robala a ntse a lebetse. Empa seo se ile sa etsahala tempeleng Jerusalema ha Jesu a ne a le lefatšeng ’me lihlopha tsa baprista le Balevi li sebeletsa tempeleng e Jerusalema. E ne e le lekholong la bo11 la lilemo B.C.E. ha Morena Davida a ne a hlophisa baprista ba makholo ba Iseraele le bathusi ba bona ba likete ba Balevi hore e be lebotho la lihlopha tse 24. (1 Likronike 24:1-18) Bonyane habeli ka selemo, sehlopha ka seng sa basebetsi ba koetlisitsoeng ba ka holimo ho sekete se ne se etsa karolo ea sona ho sebetsaneng le litšobotsi tsa tšebeletso ea tempele beke kaofela lekhetlo ka leng. Leha ho le joalo, Moketeng oa Metlotloane, lihlopha tsohle tse 24 li ne li e-ba teng bakeng sa mosebetsi. Ho ne ho boetse ho hlokahala thuso e eketsehileng nakong ea mokete oa Paseka.
6. E ka ’na eaba Jesu o ne a bua ka eng ka mokhoa o sa tobang ha a re, “Ho thaba ea lulang a falimehile ’me a boloka liaparo tsa hae tsa ka ntle”?
6 Ha Jesu a ne a re, “Ho thaba ea lulang a falimehile ’me a boloka liaparo tsa hae tsa ka ntle,” e ka ’na eaba o ne a bua ka mokhoa o sa tobang ka tšebetso e neng e lateloa nakong eo, e neng e ama mosebetsi oa bolebeli tempeleng. Mishnah ea Sejuda e re: “Baprista ba ne ba lebela libakeng tse tharo Tempeleng: Phaposing ea Abtinas, Phaposing ea Lelakabe le Phaposing ea Leifo; ’me libakeng tse mashome a mabeli a motso o mong e le balevi: ba bahlano likeiting tse hlano tsa Thaba ea Tempele, ba bane likhutlong tse ’nè tse ka hare, ba bahlano likeiting tse hlano tsa Lebala la Tempele, ba bane likhutlong tsa eona tse ’nè tse ka ntle, ’me a le mong ka Phaposing ea Linyehelo, le a le mong Phaposing ea Lesira, le a le mong ka mor’a sebaka sa Setulo sa Mohau [ka ntle ho lerako le ka morao la Se Halalelang ka ho Fetisisa]. Molaoli oa Thaba ea Tempele o ne a atisa ho potoloha ho ea ho molebeli e mong le e mong ka toche e bonesitseng ka pel’a hae, ’me haeba molebeli leha e le ofe a ne a ke ke a ema ’me a re ho eena, ‘Oho molaoli oa Thaba ea Tempele, khotso e be le uena!’ ’me ho bonahala hore o ne a robetse, o ne a tla mo otla ka lere la hae, ’me o ne a e-na le tokelo ea ho chesa liaparo tsa hae.”—The Mishnah, Middoth (“Measurements”), 1, serapa sa 1-2, e fetoletsoeng ke Herbert Danby.
7. Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore baprista le Balevi ba mosebetsing oa ho lebela tempele ba lule ba falimehile?
7 Balevi ba bangata le baprista ba sehlopheng se sebetsang ba ne ba lula ba falimehile bosiu bohle bakeng sa ho lebela le ho thibela mang kapa mang ea sa hloekang ho kena ka mabaleng a tempele. Kaha “molebeli oa Thaba ea Tempele,” kapa “motsamaisi oa tempele” o ne a potoloha libaka tsohle tse 24 nakong ea ho lebela bosiu, molebeli e mong le e mong o ne a lokela ho lula a falimehile mosebetsing oa hae haeba a ne a sa batle ho khaoletsoa a sa lebela.—Liketso 4:1.
8. Liaparo tsa tšoantšetso tsa ka ntle tsa Bakreste ke eng?
8 Bakreste ba tlotsitsoeng le basebetsi-’moho le bona ba lokela ho lula ba falimehile moeeng ’me ba boloke liaparo tsa bona tsa ka ntle tsa tšoantšetso. Tsena ke bopaki ba ka ntle ba ho khetheloa ha rōna tšebeletso tempeleng ea Jehova ea moea. Ha re amohela sena, re na le moea o halalelang oa Molimo, kapa matla a sebetsang, bakeng sa ho re thusa ho phetha mesebetsi ea rōna le ho phethahatsa litokelo tsa rōna joaloka baboleli ba ’Muso. Joaloka basebeletsi ba Molimo, ho robala mosebetsing oa rōna ho ne ho tla re beha kotsing ea ho khaoletsoa ke Jesu Kreste, Motsamaisi oa tempele e khōlō ea moea. Haeba re ne re robetse moeeng ka nako eo, re ne re tla hlobolisoa ka tsela ea tšoantšetso ’me liphahlo tsa rōna tsa tšoantšetso li chesoe. Kahoo, re ka lula re falimehile joang moeeng?
Kamoo re ka Lulang re Falimehile
9. Ke hobane’ng ha ho ithuta Bibele ka thuso ea libuka tsa Bokreste ho le bohlokoa hakaale?
9 Ho khothalla ho ithuta Mangolo ka thuso ea libuka tsa Bokreste ho susumelletsa ho falimeha moeeng. Ho ithuta ho joalo ho tla re hlomellela mosebetsi, ho tla re thusa hore re tobane le mathata ka katleho, ’me ho tla re bontša tsela e isang thabong e sa feleng. (Liproverbia 8:34, 35; Jakobo 1:5-8) Ho ithuta ha rōna e lokela ho ba ho feletseng le ho tsoelang pele. (Baheberu 5:14–6:3) Lijo tse molemo tse jeoang kamehla li ka re thusa ho re boloka re falimehile ’me re le hlokolosi. Li ka thibela ho otsela ho sa tloaelehang hoo e ka ’nang ea e-ba pontšo ea khaello ea phepo e nepahetseng. Ha re na lebaka la ho se fepehe hantle moeeng le la ho otsela hobane Molimo o lokisetsa lijo tse ngata tsa moea ka “lekhoba le tšepahalang le le masene” la batlotsuoa. (Matheu 24:45-47) Ho ja lijo tsa moea kamehla ka thuto ea botho le ea lelapa ke e ’ngoe ea litsela tsa ho lula re falimehile ’me re “phela hantle tumelong.”—Tite 1:13.
10. Ke joang liboka tsa Bokreste, likopano tse nyenyane le tse khōlō li re thusang ho lula re falimehile moeeng?
10 Liboka tsa Bokreste, likopano tse nyenyane le tse khōlō li re thusa hore re lule re falimehile moeeng. Li fana ka khothatso le menyetla ea ho ‘susumelletsana leratong le mesebetsing e metle.’ Re lokela ho bokana hammoho kamehla haholo-holo ha re “bona letsatsi le ntse le atamela.” Ka sebele, letsatsi leo joale le se le atametse. Ke “letsatsi la Jehova” leo ka lona a tla tlosa qoso bobusing ba hae. Haeba ka sebele letsatsi leo ke la bohlokoa ho rōna—’me le fela le lokela ho ba joalo—re ke ke ra ‘tlohela ho bokana ha rōna hammoho.’—Baheberu 10:24, 25; 2 Petrose 3:10.
11. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore mosebetsi oa Bokreste ke oa bohlokoa bakeng sa ho falimeha moeeng?
11 Ho kopanela ka pelo eohle mosebetsing oa Bokreste ke habohlokoa bakeng sa ho falimeha moeeng. Ho kopanela kamehla le ka cheseho boboleling ba litaba tse molemo ho re boloka re le chatsi kelellong. Mosebetsi oa rōna o re neha menyetla e mengata ea ho bua le batho ka Lentsoe la Molimo, ’Muso oa hae le merero ea hae. Hoa khotsofatsa ho paka ka ntlo le ntlo, ho etsa maeto a ho boela le ho khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele ka lingoliloeng tse kang Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Baholo ba Efese ea boholo-holo ba ne ba ka paka hore Pauluse o ne a ba rutile “phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.” (Liketso 20:20, 21) Ke ’nete hore Lipaki tse ling tse tšepahalang tsa Jehova li na le mathata a tebileng a bophelo, ao ka tsela e itseng a li sitisang mosebetsing oa tsona, empa li fumana mekhoa ea ho bolella ba bang ka Jehova le ka borena ba hae ’me li fumana thabo e khōlō ka ho etsa joalo.—Pesaleme ea 145:10-14.
12, 13. Ke ka mabaka afe re lokelang ho qoba ho ja le ho noa ho tlōlisa?
12 Ho qoba ho etsa lintho ho tlōlisa ho tla re thusa hore re lule re falimehile. Ha a bua ka ho ba teng ha hae, Jesu o ile a phehella baapostola ba hae: “Ikeleng hloko hore lipelo tsa lōna le ka mohla e se ke ea e-ba tse imeloang ke ho ja ho tlōla le ho noa haholo le matšoenyeho a bophelo, ’me ka tšohanyetso letsatsi leo la e-ba holim’a lōna hang-hang joaloka leraba. Etsoe le tla tla holim’a bohle ba lulang holim’a lefatše lohle.” (Luka 21:7, 34, 35) Bonyollo le botahoa ha li lumellane le melao-motheo ea Bibele. (Deuteronoma 21:18-21) Liproverbia 23:20, 21 e re: “U se ke ua tloaela manoa-joala le manyolo-nyolo; hobane letahoa le lenyolonyolo ba ipakela bofuma; ’me ho rata boroko ho apesa motho maharasoa.”—Liproverbia 28:7.
13 Esita le haeba ho ja ho tlōla le ho noa haholo ho e-s’o fihle boemong boo, li ka etsa hore motho a otsele, esita le ho ba botsoa le ho ba ea sa tsotelleng taba ea ho etsa thato ea Molimo. Ka tlhaho, ho tla ba le matšoenyeho a amang bophelo ba lelapa, bophelo bo botle ba ’mele le tse ling tse joalo. Leha ho le joalo, re tla ba ba thabileng haeba re beha lithahasello tsa ’Muso pele bophelong ’me re na le kholiseho ea hore Ntate oa rōna oa leholimo o tla re hlokomela. (Matheu 6:25-34) Ho seng joalo, “letsatsi leo” le tla re oela holimo joaloka “leraba,” mohlomong joaloka sefi se ipatileng se tla re tšoasa re sa hlokomela kapa joaloka sefi se chehileng, joaloka tse hohelang liphoofolo tse sa hlokomeleng ebe lia li tšoasa. Sena se ke ke sa etsahala haeba re lula re falimehile, re lemoha ka hohle-hohle hore re phela “nakong ea bofelo.”—Daniele 12:4.
14. Ke hobane’ng ha re lokela ho rapela ka tieo?
14 Thapelo e tiileng ke thuso e ’ngoe ea ho falimeha moeeng. Boprofeteng ba hae bo boholo, Jesu o ile a boela a phehella: “Joale, le lule le falimehile nako eohle le etsa thapeli e le hore le ka atleha ho phonyoha lintho tsena tsohle tse reretsoeng hore li etsahale, le ho ema ka pel’a Mora oa motho.” (Luka 21:36) E, a re rapelleng hore re be ka lehlakoreng la Jehova kamehla ’me re thabele boemo bo amohelehang ha Jesu, Mora oa motho a e-tla ho tla timetsa tsamaiso ena e khopo ea lintho. Molemong oa rōna le molemong oa balumeli-’moho le rōna bao re ba rapellang, ho hlokahala hore re ‘lule re falimehile thapelong.’—Bakolose 4:2; Baefese 6:18-20.
Nako ea Fela
15. Ke eng e finyelloang ke mosebetsi oa rōna joaloka baboleli ba ho loka?
15 Ha re ntse re letetse letsatsi la Jehova le leholo, ha ho na pelaelo ea hore re lakatsa ho etsa sohle seo re ka se khonang tšebeletsong ea hae. Haeba re mo rapela ka pelo eohle mabapi le sena, re ka ’na ra buleloa “monyako o moholo o isang tšebetsong.” (1 Bakorinthe 16:8, 9) Ka nako e behiloeng ea Molimo, Jesu o tla liha kahlolo ’me a arole “linku” tse lokileng tse tšoaneloang ke bophelo bo sa feleng ho “lipōli” tse tšoaneloang ke timetso ea ka ho sa feleng. (Johanne 5:22) Hase rōna ba arolang linku ho lipōli. Empa mosebetsi oa rōna joaloka baboleli ba ho loka o fa batho monyetla oa ho khetha hona joale bophelo ba ho sebeletsa Molimo ’me ka hona ba be le tšepo ea ho aroleloa bophelong ha Jesu a ‘fihla ka khanya ea hae.’ Nako e khutšoanyane e setseng bakeng sa tsamaiso ena ea lintho e totisa tlhokahalo ea mosebetsi oa pelo eohle ha re ntse re batla ‘ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.’—Matheu 25:31-46; Liketso 13:48.
16. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba baboleli ba chesehang ba ’Muso?
16 Nako e ile ea fela bakeng sa lefatše la mehleng ea Noe, ’me haufinyane e se e tla fela bakeng sa tsamaiso ena ea lintho. Ka hona, a re beng baboleli ba chesehang ba ’Muso. Mosebetsi oa rōna oa ho bolela oa anafala kaha selemo se seng le se seng ho kolobetsoa ba makholo a likete e le tšoantšetso ea boinehelo ba bona ho Molimo. E ba karolo ea mokhatlo o hlohonolofalitsoeng oa Jehova—‘sechaba sa hae le mohlape o alosoang ke eena.’ (Pesaleme ea 100:3) Ke thabo e kaakang ho kopanela mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso o tlisetsang ba bangata hakaale tšepo pele ho “letsatsi la Jehova le leholo, le tšabehang”!
17, 18. (a) Ha re ntse re bolela, re lokela ho lebella karabelo ea mofuta ofe ho ba bang? (b) Ke eng eo ka sebele e tla timetsa basomi?
17 Joaloka Noe, re na le tšehetso ea Molimo le tšireletso. E, e tlameha ebe molaetsa oa Noe o ne o songoa ke batho, ke mangeloi a nkileng ’mele ea batho le ke Banefilimi, empa seo ha sea ka sa mo emisa. Kajeno, ba bang baa re soma ha re bontša bopaki bo matla ba hore re phela “matsatsing a ho qetela.” (2 Timothea 3:1-5) Ho soma ho joalo ho phethahatsa boprofeta ba Bibele mabapi le ho ba teng ha Kreste, kaha Petrose o ile a ngola: “Matsatsing a ho qetela ho tla tla basomi ka ho soma ha bona, ba tsoela pele ho ea ka litakatso tsa bona ’me ba re: ‘Ho kae ho ba teng hoo ho tšepisitsoeng ha hae? Ka sebele, ho tloha letsatsing la ha baholo-holo ba rōna ba robala lefung, lintho tsohle li tsoela pele hantle feela joaloka ho tloha tšimolohong ea pōpo.’”—2 Petrose 1:16; 3:3, 4.
18 Basomi ba mehleng ena ba ka ’na ba nahana: ‘Ha ho letho le fetohileng esale ho tloha qalong ea pōpo. Bophelo bo itsoella pele ka batho ba jang, ba noang, ba kenang lenyalong le ba hōlisang bana. Esita le haeba Jesu o teng, ha a na ho liha kahlolo mehleng ea ka.’ Ba fositse hakaakang! Haeba ba sa bolaoe ke lintho tse ling tse itseng hona joale, ka sebele letsatsi la Jehova le tšabehang le tla ba timetsa, joalo feela kaha timetso ea Moroallo e ile ea felisa moloko o khopo oa mehleng ea Noe.—Matheu 24:34.
Ka Sebele, Lulang le Falimehile!
19. Re lokela ho talima mosebetsi oa rōna oa ho etsa barutuoa joang?
19 Haeba re inehetse ho Jehova, e se eka le ka mohla re ka se koeetsoe ke mabaka a sa nepahalang. Ena ke nako ea ho lula re falimehile, ho bontša tumelo boprofeteng ba Molimo le ho phethahatsa thōmo ea rōna ea ho “etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa.” (Matheu 28:19, 20) Ha tsamaiso ena e tobana le qetello ea eona, re ke ke ra ba le tokelo e khōlō ho feta ea ho sebeletsa Jehova Molimo tlas’a ketello-pele ea Jesu Kreste le ho kopanela mosebetsing oa lefatše lohle oa ho bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” pele bofelo bo e-tla.—Matheu 24:14; Mareka 13:10.
20. Kalebe le Joshua ba behile mohlala ofe, ’me tsela ea bona e re bontša eng?
20 Ba bang ba batho ba Jehova ba ’nile ba mo sebeletsa ka mashome a lilemo, mohlomong bophelo bohle. ’Me le haeba re sa tsoa amohela borapeli ba ’nete, e se eka re ka tšoana le Kalebe oa Moiseraele ea ileng a ‘latela Jehova ka hohle.’ (Deuteronoma 1:34-36) Eena le Joshua ba ne ba hlile ba ikemiselitse ho kena Naheng e Tšepisitsoeng kapele ka mor’a topollo ea Baiseraele botlamuoeng Egepeta. Leha ho le joalo, ka kakaretso Baiseraele ba baholo ba ne ba haelloa ke tumelo ’me ba lokela ho qeta lilemo tse 40 lefeelleng moo ba ileng ba shoela teng. Ka linako tsohle Kalebe le Joshua ba ile ba mamella mathata hammoho le bona, empa qetellong banna bao ba babeli ba ile ba kena naheng e tšepisitsoeng. (Numere 14:30-34; Joshua 14:6-15) Haeba re ‘latela Jehova ka hohle’ ’me re lula re falimehile moeeng, re tla ba le thabo ea ho kena lefatšeng le lecha le tšepisitsoeng la Molimo.
21. Re tla latsoa phihlelo efe haeba re lula re falimehile moeeng?
21 Bopaki bo bontša ka ho hlaka hore re phela matsatsing a ho qetela le hore letsatsi la Jehova le leholo le atametse. Ena hase nako ea ho otsela le ea ho se natse ho etsa thato ea Molimo. Re tla hlohonolofatsoa feela haeba re lula re falimehile moeeng ’me re boloka liaparo tsa rōna tse re tsebahatsang re le basebeletsi ba Bakreste le bahlanka ba Jehova. E se eka e ka ba boikemisetso ba rōna ho ‘lula re falimehile, re eme re tiile tumelong, re tsoele pele joaloka banna, re be matla.’ (1 Bakorinthe 16:13) Joaloka bahlanka ba Jehova, e se eka e mong le e mong oa rōna a ka ema a tiile ’me a be sebete. Joale re tla ba har’a ba itokisitseng ha letsatsi la Jehova le leholo le fihla, ka botšepehi re sebeletse maemong a ba thabileng ba lulang ba falimehile.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ U ne u ka hlalosa liaparo tsa rōna tsa ka ntle joang, ’me re ka li boloka joang?
◻ Litsela tse ling tsa ho lula re falimehile moeeng ke life?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho lebella basomi, ’me re lokela ho ba talima joang?
◻ Re lokela ho talima mosebetsi oa rōna oa ho etsa barutuoa joang matsatsing aa a ho qetela?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 16]
Bakreste ba na le moea o halalelang oa Molimo ho ba thusa hore ba lule ba falimehile ’me ba phethe mesebetsi ea bona
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Na u ikemiselitse ho lula u falimehile moeeng le ho boloka liaparo tsa hao tsa ka ntle tsa tšoantšetso?