30 U tla lebeletsa mosali, empa monna e mong o tla mo beta.+ U tla haha ntlo, empa u ke ke ua lula ho eona.+ U tla lema serapa sa morara, empa u ke ke ua qala ho se sebelisa.+
13 Ba jetse koro, empa ba kotutse meutloa.+ Ba sebelitse hore ba be ba kule; ba ke ke ba e-ba le molemo oa letho.+ Ka sebele ba tla hlajoa ke lihlong ka lihlahisoa tsa lōna ka lebaka la bohale bo tukang ba Jehova.”
7 “Etsoe ba ntse ba jala moea, ’me ba tla kotula moea oa sefefo.+ Ha ho letho le nang le lijo-thollo tse ntseng li le mahlakeng.+ Ha ho lehlōmela le hlahisang phofo.+ Haeba mohlomong leha e le lefe le ka e hlahisa, basele ba tla e metsa.+
13 Leruo la bona le tla nkoa ka mahahapa le matlo a bona a etsoe lesupi.+ Ba tla haha matlo, empa ba ke ke ba lula ho ’ona;+ ’me ba tla lema lirapa tsa morara, empa ba ke ke ba noa veine ea tsona.+