Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 13:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Babylona, mokhabiso oa mebuso,+ botle ba khanya ea Bakalde,+ e tla ba joalokaha Molimo a ne a liha Sodoma le Gomora.+

  • Esaia 14:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 u tla hlahisa polelo ena ea maele khahlanong le morena oa Babylona ’me u re:

      “Ea qobellang ba bang ho sebetsa o khaolitse hakaakang, khatello e khaolitse hakaakang!+

  • Esaia 45:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 45 Sena ke seo Jehova a se buileng ho motlotsuoa oa hae,+ ho Cyruse, eo ke tšoereng letsoho la hae le letona,+ hore ke hlōle lichaba ka pel’a hae,+ e le hore nka tlamolla linyepa mathekeng a marena; hore ke bule ka pel’a hae menyako e nang le mamati a mabeli, hoo le liheke li ke keng tsa koaloa:

  • Jeremia 50:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Etsoe sechaba se e futuhetse se tsoa leboea.+ Ke sona se etsang hore naha ea eona e be ntho e makalloang, hoo ho se nang ea lulang ho eona.+ Motho le phoofolo e ruuoang ba balehile.+ Ba tsamaile.”+

  • Jeremia 51:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Babylona e oele ka tšohanyetso, hoo e robehileng.+ E lleleng.+ Nkang balsame bakeng sa bohloko ba eona.+ Mohlomong e ka fola.”

  • Daniele 5:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 “PERES, ’muso oa hao o arotsoe ’me o filoe Bamede le Bapersia.”+

  • Tšenolo 14:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Le leng, lengeloi la bobeli, la latela, le re: “O oele! Babylona+ e Moholo o oele,+ ea ileng a noesa lichaba tsohle veine+ ea bohale ba bohlola ba hae!”+

  • Tšenolo 18:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 La hoeletsa ka lentsoe le matla,+ la re: “O oele! Babylona e Moholo o oele,+ ’me o fetohile sebaka sa bolulo sa bademona le sebaka sa ho ipata sa pululo+ e ’ngoe le e ’ngoe e sa hloekang le sebaka sa ho ipata sa nonyana e ’ngoe le e ’ngoe e sa hloekang le e hloiloeng!+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela