9 Empa u tla tleloa ke lintho tsena tse peli ka tšohanyetso, ka letsatsi le le leng:+ ho lahleheloa ke bana le bohlolohali. Li tla u tlela ka tekanyo e feletseng,+ bakeng sa boloi ba hao bo bongata, bakeng sa matla a feletseng a mantsoe a hao a boloi—ka mokhoa o fetisisang.+
8 Le leng, lengeloi la bobeli, la latela, le re: “O oele! Babylona+ e Moholo o oele,+ ea ileng a noesa lichaba tsohle veine+ ea bohale ba bohlola ba hae!”+
2 La hoeletsa ka lentsoe le matla,+ la re: “O oele! Babylona e Moholo o oele,+ ’me o fetohile sebaka sa bolulo sa bademona le sebaka sa ho ipata sa pululo+ e ’ngoe le e ’ngoe e sa hloekang le sebaka sa ho ipata sa nonyana e ’ngoe le e ’ngoe e sa hloekang le e hloiloeng!+