Esaia
21 Phatlalatso khahlanong le lefeella la leoatle:+ Joaloka meea ea sefefo+ ea boroa ha e leba pele, e hlaha lefeelleng, naheng e tšabehang.+ 2 Ke boleletsoe pono e thata:+ Ea sebetsang ka bolotsana o sebetsa ka bolotsana, le motlatlapi oa tlatlapa.+ Nyoloha, Uena Elame! Thibella, Uena Media!+ Ke felisitse ho feheloa hohle ho bakoang ke eena.+ 3 Ke ka lebaka leo letheka la ka le tletseng bohloko bo boholo.+ Ke tšoeroe ke ho tsitsipana, joaloka ho tsitsipana ha mosali ea belehang.+ Ke ferekane hoo ke sa utloeng; ke tšoenyehile hoo ke sa boneng. 4 Pelo ea ka ea lelera; ke tšositsoe ke ho tlakasela. Mantsiboea ao ke neng ke ikamahanya le ’ona a entsoe ntho e nthothometsang.+
5 Tafole e ke e lokisoe, ho hlophisoe sebaka sa litulo, ho jeoe, ho nooe!+ Emang, lōna likhosana,+ tlotsang thebe.+ 6 Etsoe sena ke seo Jehova a mpoleletseng sona:
“E-ea, u behe molebeli hore a bolele seo a se bonang.”+
7 A bona koloi ea ntoa e nang le sepane sa lipere tsa ntoa, koloi ea ntoa ea liesele, koloi ea ntoa ea likamele. A ela hloko ka tieo, ka ho mamelisisa. 8 A hoeletsa joaloka tau:+ “Jehova, ke eme holim ’a tora ea ho lebela kamehla motšehare, ’me ke eme sebakeng sa ka sa ho lebela ka masiu ’ohle.+ 9 Bonang! ho tla koloi ea ntoa ea banna, hammoho le sepane sa lipere tsa ntoa!”+
A qala ho bua a re: “E oele! Babylona e oele,+ ’me litšoantšo tsohle tse betliloeng tsa melimo ea eona o li robile a li lahlela fatše!”+
10 Lōna batho ba ka ba potsoeng le mora oa seotlo sa ka,+ seo ke se utloileng ho Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, ke le tlalehetse sona.
11 Phatlalatso khahlanong le Duma: Ho na le ea nkhoeletsang a le Seire:+ “Molebeli, bosiu bo tla sa neng? Molebeli, bosiu bo tla sa neng?”+ 12 Molebeli a re: “Hoseng ho tla fihla, hammoho le bosiu. Haeba le botsa, botsang. Tloong hape!”
13 Phatlalatso khahlanong le thota ea lehoatata: Le tla hlola bosiu morung thoteng ea lehoatata, Lōna lihlopha tsa batsamai tsa banna ba Dedane.+ 14 Bakeng sa ho khahlanyetsa ea nyoriloeng tlisang metsi. Lōna baahi ba naha ea Tema,+ khahlanyetsang ea balehang le mo nkele bohobe. 15 Hobane ba balehile ka lebaka la lisabole, ka lebaka la sabole e tsomutsoeng, le ka lebaka la seqha se kobiloeng le ka lebaka la boima ba ntoa.
16 Etsoe sena ke seo Jehova a mpoleletseng sona: “Pele ho fela selemo, ho ea ka lilemo tsa mosebetsi ea hiriloeng,+ khanya eohle ea Kedare+ e tla fela. 17 Ba setseng palong ea banna ba fulang ka seqha, banna ba matla ho bara ba Kedare, ba tla fokotseha,+ etsoe Jehova, Molimo oa Iseraele, o boletse hoo.”+