19 Mala a ka, mala a ka! Ke utloa bohloko bo boholo marakong a pelo ea ka.+ Pelo ea ka e morusu ka hare ho ’na.+ Nke ke ka khutsa, etsoe moea oa ka o utloile molumo oa lenaka, mokhosi oa ntoa.+
26 Uena morali oa sechaba sa ka, itlame ka lesela la mokotla+ ’me u ipitike moloreng.+ Etsa hore ho siama ha hao e be ha ho siamela mora ea mong, ho bokolla ho bohloko;+ kahobane motlatlapi o tla re futuhela ka tšohanyetso.+
9Hoja hlooho ea ka ke metsi, ’me mahlo a ka ke mohloli oa meokho!+ Joale ke ne ke tla llela batho ba bolailoeng ba morali oa sechaba sa heso bosiu le motšehare.+
8 Ka lebaka lena ke tla bokolla le ho lla;+ ke tla tsamaea ke sa roala letho maotong ’me ke hlobotse.+ Ke tla bokolla joaloka liphokojoe, ’me ke siame joaloka limpshe tse tšehali.