5 Pelo ea ka e llela Moabe.+ Babalehi ba eona ba hōle ho ea fihla Zooare+ le Eglathe-shelishia.+ Etsoe moepa oa Luhithe+—e mong le e mong o o nyoloha a lla; etsoe tseleng e eang Horonaime+ ba tsosa mohoo oa tlokotsi.
3 Ke ka lebaka leo letheka la ka le tletseng bohloko bo boholo.+ Ke tšoeroe ke ho tsitsipana, joaloka ho tsitsipana ha mosali ea belehang.+ Ke ferekane hoo ke sa utloeng; ke tšoenyehile hoo ke sa boneng.