Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 21:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Manase a boela a tšolla+ mali a mangata haholo a hlokang molato, ho fihlela a tlatsitse Jerusalema ho tloha pheletsong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, ntle ho sebe sa hae seo ka sona a ileng a etsa hore Bajuda ba sitoe ka ho etsa se sebe mahlong a Jehova.+

  • 2 Marena 24:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 le ka lebaka la mali+ a hlokang molato ao a neng a a tšolotse, hoo a ileng a tlatsa Jerusalema ka mali a hlokang molato, ’me Jehova ha aa ka a lumela ho tšoarela.+

  • Pesaleme 106:38
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 38 Kahoo ba ’na ba tšolla mali a hlokang molato,+

      Mali a bara ba bona le barali ba bona,

      Bao ba ileng ba ba hlabela litšoantšo tse rapeloang tsa Kanana;+

      Naha ea silafala ke tšollo ea mali.+

  • Esaia 10:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 e le hore ba sutumelletse ba tlaase hōle nyeoeng le ho amoha ba hlorileng ba sechaba sa ka toka,+ hore bahlolohali e be thepa ea bona e hapuoeng, le hore ba tlatlape esita le bashanyana ba se nang bo-ntate!+

  • Esaia 59:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Maoto a bona a ntse a mathela bobeng,+ ’me ba potlakela ho tšolla mali a se nang molato.+ Menahano ea bona ke menahano e kotsi;+ tlatlapo le thipitlo li litseleng tsa bona tse khōlō.+

  • Jeremia 19:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 ka lebaka la hore ba ntlohetse+ ’me ba entse hore sebaka sena e be se sa hlokomeleheng+ ’me ba entse mosi oa sehlabelo bakeng sa melimo e meng eo ba sa kang ba e tseba,+ bona le baholo-holo ba bona le marena a Juda; ’me ba tlatsitse sebaka sena ka mali a ba hlokang molato.+

  • Matheu 23:35
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 35 e le hore mali ’ohle a lokileng a tšolotsoeng lefatšeng+ a ka tla holim ’a lōna, ho tloha maling a Abele+ ea lokileng+ ho ea maling a Zakaria mora oa Barakia, eo le ileng la mo bolaela pakeng tsa sehalalelo le aletare.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela