Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 28:49
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 49 “Jehova o tla hlahisa khahlanong le uena sechaba se hōle haholo,+ ho tloha pheletsong ea lefatše, feela joalokaha ntsu e fofa,+ sechaba seo u ke keng ua utloisisa puo ea sona,+

  • Jeremia 5:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 “Bonang! ke le tlisetsa sechaba se tsoang hōle,+ Lōna ba ntlo ea Iseraele,” ho bolela Jehova. “Ke sechaba se lulang se le teng.+ Ke sechaba sa khale, sechaba seo le sa tsebeng puo ea sona, ’me le ke ke la utloisisa seo se se buang.

  • Ezekiele 7:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Ke tla tlisa ba babe ka ho fetisisa ba lichaba,+ ’me ka sebele ba tla hapa matlo a bona,+ ke tla felisa khanya ea ba matla,+ ’me lihalalelo tsa bona li tla silafatsoa.+

  • Amose 6:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Bonang! Ke hlahisa sechaba+ khahlanong le lōna, ntlo ea Iseraele,’ ho bolela Jehova Molimo oa mabotho, ‘’me se tla le hatella ho tloha moo ho kenoang teng Hamathe+ ho ea fihla phuleng ea molapo o phoroselang ea Araba.’”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela