Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 28:49
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 49 “Jehova o tla hlahisa khahlanong le uena sechaba se hōle haholo,+ ho tloha pheletsong ea lefatše, feela joalokaha ntsu e fofa,+ sechaba seo u ke keng ua utloisisa puo ea sona,+

  • Jeremia 1:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Etsoe ‘bona! ke bitsa malapa ’ohle a mebuso ea leboea,’ ho bolela Jehova;+ ‘ka sebele a tla tla ’me a behe e mong le e mong terone ea hae monyako oa liheke tsa Jerusalema,+ khahlanong le marako ’ohle a eona a e pota-potileng le khahlanong le metse eohle ea Juda.+

  • Jeremia 4:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 E, e boleleng lichabeng. E phatlalatseng khahlanong le Jerusalema.”

      “Balebeli ba tsoa naheng e hōle,+ ’me ba tla hoeletsa ka mantsoe a bona khahlanong le metse ea Juda.

  • Jeremia 25:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 bonang! kea romeletsa ’me ke tla nka malapa ’ohle a leboea,”+ ho bolela Jehova, “ke romeletse ho Nebukadrezare morena oa Babylona, mohlanka+ oa ka, ’me ke tla ba tlisa khahlanong le naha+ ena le khahlanong le baahi ba eona le khahlanong le lichaba tsena tsohle tse potolohileng;+ ke tla ba nehela timetso ’me ke ba etse ntho e makalloang le ntho e letsetsoang mololi+ le libaka tse ripitliloeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+

  • Ezekiele 7:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Ke tla tlisa ba babe ka ho fetisisa ba lichaba,+ ’me ka sebele ba tla hapa matlo a bona,+ ke tla felisa khanya ea ba matla,+ ’me lihalalelo tsa bona li tla silafatsoa.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela