Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 26:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Ke tla lokela ho roba boikakaso ba matla a lōna ’me ke etse maholimo a lōna joaloka tšepe+ le lefatše la lōna joaloka koporo.

  • Deuteronoma 28:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Maholimo a hao a holim ’a hlooho ea hao le ’ona a tla fetoha koporo, ’me lefatše le ka tlas’a hao le fetohe tšepe.+

  • Esaia 5:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Ke tla se beha hore e be ntho e sentsoeng.+ Se ke ke sa faoloa, kapa sa hlaoloa.+ Se tla mela lihlahla tse meutloa le litlama-tlama;+ ’me ke tla laela maru hore a se ke a se nesetsa pula.+

  • Jeremia 9:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 “Ke motho ofe ea bohlale, e le hore a ka utloisisa see, le eo molomo oa Jehova o buileng le eena, e le hore a ka ho bolela?+ Ke ka lebaka lefe naha e lokelang ho timela, e chesoe joaloka lefeella ho se na ea fetang ho eona?”+

  • Jeremia 14:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Ka lebaka la mobu o senyehileng hobane ho sa ka ha e-ba le pula ea litloebelele naheng,+ lihoai li hlabiloe ke lihlong; li ikoahetse lihlooho.+

  • Amose 4:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 “‘Ha e le ’na, ke ile ka boela ka le hanela ka pula ea litloebelele ha ho sa ntse ho e-na le likhoeli tse tharo pele ho kotulo;+ ’me ka nesa pula motseng o mong, empa motseng o mong ke ne ke sa nese pula. Ho ne ho e-ba le tšimo e neng e neloa ke pula, empa tšimo eo ke neng ke etsa hore e se ke ea neloa ke pula e ne e omella.+

  • Hagai 1:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ka ’na ka bitsa hore ho be le komello lefatšeng, le lithabeng, le ho lijo-thollo, le ho veine e ncha,+ le ho oli, le ho seo mobu o neng o tla se hlahisa, le ho motho oa lefatše, le ho phoofolo e ruuoang, le ho sehleng hohle ha matsoho.’”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela