Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jeremia 14:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Jehova a tsoela pele ho re ho ’na: “Baprofeta ba profeta leshano ka lebitso la ka.+ Ha kea ka ka ba roma, leha e le ho ba laela kapa ho bua le bona.+ Ba bua le lōna ka tsela ea boprofeta ka pono ea bohata le bonohe le ntho ea lefeela+ le ho qhekella ha lipelo tsa bona.+

  • Jeremia 23:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 “Ha kea ka ka roma baprofeta, empa leha ho le joalo ba mathile. Ha kea ka ka bua le bona, empa leha ho le joalo ba profetile.+

  • Jeremia 28:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Moprofeta Jeremia a tsoela pele ho re ho moprofeta Hanania:+ “Ka kōpo, mamela, Uena Hanania! Jehova ha aa u roma, empa u entse hore sechaba sena se tšepe leshano.+

  • Jeremia 29:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Etsoe sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng: “Baprofeta ba lōna ba har’a lōna le linohe tsa lōna li se ke tsa le thetsa,+ ’me le se ke la mamela litoro tsa tsona tseo li li lorang.+

  • Ezekiele 13:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 “Ba bone seo e seng ’nete le bonohe ba leshano,+ ba reng, ‘Se boleloang ke Jehova ke hore,’ le hoja Jehova a sa ba roma, ’me ba letetse hore lentsoe le phethahale.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela