Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 30:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Jehova Molimo oa hao o tla boela a khutlise baholehuoa+ ba hao ’me a u bontše mohau+ a boele a u phuthe lichabeng tsohle tseo Jehova Molimo oa hao a u hasanyelitseng ho tsona.+

  • Pesaleme 53:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  6 Hoja Sione ho ne ho e-na le poloko e khōlō ea Iseraele!+

      Ha Jehova a khutlisa baholehuoa ba sechaba sa hae,+

      Jakobo e ke e thabe, Iseraele e nyakalle.+

  • Jeremia 27:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 ‘“Li tla isoa+ Babylona ’me li tla tsoela pele li le moo ho fihlela letsatsing la ha ke lebisa tlhokomelo ea ka ho tsona,”+ ho bolela Jehova. “Ke tla li lata ’me ke li busetse sebakeng sena.”’”+

  • Jeremia 29:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Ke tla etsa hore le mphumane,’+ ho bolela Jehova. ‘Ke tla bokella sehlopha sa baholehuoa ba lōna ’me ke le bokelle ho tsoa lichabeng tsohle le libakeng tsohle tseo ke le qhalakanyelitseng ho tsona,’+ ho bolela Jehova. ‘Ke tla le khutlisetsa sebakeng seo ke entseng hore le ee kholehong le le ho sona.’+

  • Ezekiele 39:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Joale ke tla khutlisa baholehuoa ba Jakobo+ ’me ke hauhele bohle ba ntlo ea Iseraele;+ ke tla bontša boinehelo bo khethehileng bakeng sa lebitso la ka le halalelang.+

  • Joele 3:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 “Etsoe, bonang! matsatsing ao le nakong+ eo, ha ke khutlisa baholehuoa ba Juda le Jerusalema,+

  • Amose 9:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Ke tla khutlisa baholehuoa ba batho ba ka ba Iseraele,+ ’me ba tla haha metse e entsoeng lesupi le ho lula ho eona,+ ’me ba leme lirapa tsa morara le ho noa veine ea tsona, ’me ba etse lirapa le ho ja litholoana tsa tsona.’+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela