Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Joshua 14:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Joale sena ke seo bara ba Iseraele ba ileng ba se nka e le lefa naheng ea Kanana,+ eo moprista Eleazare le Joshua mora oa Nune le lihlooho tsa bo-ntat’a meloko ea bara ba Iseraele ba ileng ba etsa hore ba e rue.+

  • Esdrase 2:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Bana e ne e le bara ba profinse+ ba ileng ba tsoa kholehong ea batho ba neng ba isitsoe kholehong+ bao Nebukadnezare morena oa Babylona a neng a ba isitse kholehong+ Babylona le bao hamorao ba ileng ba khutlela+ Jerusalema le Juda,+ e mong le e mong a khutlela motseng oa habo;

  • Jeremia 16:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 empa ho tla thoe: “Ka Jehova ea phelang ea ntšitseng bara ba Iseraele naheng e ka leboea le linaheng tsohle tseo a neng a ba qhalakanyelitse ho tsona!” ’me ka sebele ke tla ba khutlisetsa naheng ea bona, eo ke e fileng baholo-holo ba bona.’+

  • Jeremia 32:44
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 44 “‘Batho ba tla ithekela masimo ka chelete, ’me ho tla tlalehoa lengolong le tiisitsoeng+ le tiisong ’me ho nkoe lipaki+ naheng ea Benjamine+ le libakeng tse potolohileng Jerusalema+ le metseng ea Juda+ le metseng ea sebaka se lithaba le metseng ea mabalane+ le metseng ea boroa,+ kahobane ke tla khutlisa baholehuoa ba bona,’+ ho bolela Jehova.”

  • Ezekiele 20:42
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 42 “‘Le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova,+ ha ke le tlisa naheng ea Iseraele,+ naheng eo ke ileng ka phahamisa letsoho ka kano hore ke tla e fa baholo-holo ba lōna.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela