Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 30:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Jehova Molimo oa hao o tla boela a khutlise baholehuoa+ ba hao ’me a u bontše mohau+ a boele a u phuthe lichabeng tsohle tseo Jehova Molimo oa hao a u hasanyelitseng ho tsona.+

  • Jeremia 3:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 “Matsatsing ao ba ntlo ea Juda ba tla tsamaea haufi le ba ntlo ea Iseraele,+ ’me ba tla tsoa hammoho+ naheng ea leboea ba kene naheng eo ke e fileng baholo-holo ba lōna e le lefa.+

  • Jeremia 24:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Ke tla ba beha leihlo ka tsela e ntle,+ ’me ka sebele ke tla ba khutlisetsa naheng ena.+ Ke tla ba haha, ’me nke ke ka ba liha; ke tla ba hloma, ’me nke ke ka ba fothola.+

  • Jeremia 30:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Etsoe, “bona! matsatsi aa tla,” ho bolela Jehova, “’me ke tla bokella baholehuoa ba sechaba sa ka, Iseraele le Juda,”+ ho boletse Jehova, “’me ke tla ba khutlisetsa naheng eo ke e fileng baholo-holo ba bona, ’me ka sebele ba tla e rua hape.”’”+

  • Jeremia 32:37
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 37 ‘Bonang! ke ba bokella ho tsoa linaheng tsohle tseo ke tla beng ke ba qhalakanyelitse ho tsona ka bohale ba ka le ka khalefo ea ka le ka tlhonamo e khōlō;+ ke tla ba khutlisetsa sebakeng sena ’me ke etse hore ba lule ba sireletsehile.+

  • Amose 9:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Ke tla khutlisa baholehuoa ba batho ba ka ba Iseraele,+ ’me ba tla haha metse e entsoeng lesupi le ho lula ho eona,+ ’me ba leme lirapa tsa morara le ho noa veine ea tsona, ’me ba etse lirapa le ho ja litholoana tsa tsona.’+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela