12 Ke tla le abela sabole,+ ’me kaofela le tla inama hore le bolaoe;+ ka lebaka la hore ke hoelelitse,+ empa ha lea ka la araba; ke buile, empa ha lea ka la mamela;+ le ’nile la etsa se sebe mahlong a ka,+ ’me la khetha ntho eo ke sa khahloeng ke eona.”+
4 Ke tla khetha litsela tsa ho ba tšoara hampe;+ ’me ke tla ba tlisetsa lintho tse ba tšosang;+ ka lebaka la hore ke hoelelitse, empa ho ne ho se ea arabang; ke buile, empa ho ne ho se ea mamelang;+ ba ’na ba etsa se sebe mahlong a ka, ’me ba khetha ntho e sa nkhahliseng.”+
13 Joale ka lebaka la hore le ’nile la etsa mesebetsi ena eohle,’ ho bolela Jehova, ‘’me ke ’nile ka bua le lōna, ke tsoha hoseng ke bua,+ empa ha lea ka la mamela,+ ke ’nile ka le bitsa, empa ha lea ka la araba,+
33 Ba ’na ba retelletsa mekokotlo ho ’na eseng lifahleho;+ le hoja ba rutiloe, le hoja ho tsohiloe hoseng ba rutoa, empa ha ho le ea mong oa bona ea ileng a mamela hore a amohele taeo.+