Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 36:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona a ’na a romeletsa khahlanong le bona ka manģosa+ a hae, a romeletsa nako le nako, hobane o ne a qenehela batho+ ba hae le sebaka sa hae sa bolulo.+

  • Esaia 65:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 “Letsatsi lohle ke otlolletse matsoho a ka ho sechaba se manganga,+ se tsamaeang tseleng e seng molemo,+ se latelang menahano ea sona;+

  • Jeremia 7:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 ho tloha letsatsing leo ka lona baholo-holo ba lōna ba tsoileng Egepeta ho fihlela letsatsing lena;+ ’me ke ile ka ’na ka romela bahlanka bohle ba ka baprofeta ho lōna, ke tsoha hoseng letsatsi le leng le le leng ’me ke ba romela.+

  • Jeremia 25:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Jehova a le romela bahlanka bohle ba hae e leng baprofeta, a tsoha hoseng ’me a ba romela, empa ha lea ka la mamela,+ kapa la sekeha litsebe hore le utloe,+

  • Jeremia 26:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 ka hore le mamele mantsoe a bahlanka ba ka baprofeta, bao ke ba romelang ho lōna, ke tsoha hoseng ke ba romela, bao le sa kang la ba mamela,+

  • Jeremia 29:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 ka lebaka la hore ha baa mamela mantsoe a ka,’ ho bolela Jehova, ‘ao ke ba rometseng ’ona ka bahlanka ba ka baprofeta, ke tsoha hoseng ’me ke ba romela.’+

      “‘Empa ha lea mamela,’+ ho bolela Jehova.

  • Jeremia 35:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Ka ’na ka le romela bahlanka bohle ba ka baprofeta,+ ke tsoha hoseng ke ba romela, ke re, ‘Ka kōpo, furallang e mong le e mong tsela ea hae e mpe,+ ’me le etse hore mesebetsi ea lōna e be metle,+ ’me le se ke la latela melimo e meng ho e sebeletsa.+ Le ’ne le lule naheng eo ke e fileng lōna le baholo-holo ba lōna.’+ Empa ha lea ka la sekeha tsebe, kapa la ’mamela.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela