Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 46:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  7 Jehova oa mabotho o na le rōna;+

      Molimo oa Jakobo ke sebaka se phahameng sa tšireletso bakeng sa rōna.+ Selah.

  • Esaia 43:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Haeba u ka feta metsing,+ ke tla ba le uena;+ le linōkeng, li ke ke tsa u hohola.+ Haeba u ka tsamaea mollong, u ke ke ua tlaboha, kapa hona hore lelakabe le u tlabole.+

  • Jeremia 1:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Ka sebele ba tla u loantša, empa ba ke ke ba u hlōla,+ etsoe ‘ke na le uena+ ho u lopolla,’+ ho bolela Jehova.”

  • Jeremia 15:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 “Ho sechaba sena ke u entse lerako la koporo le etselitsoeng qhobosheane;+ ka sebele ba tla u loantša, empa ba ke ke ba u hlōla.+ Etsoe ke na le uena, ho u pholosa le ho u lopolla,”+ ho bolela Jehova.

  • Jeremia 30:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 “Ha e le uena, u se ke ua tšaba, Uena mohlanka oa ka Jakobo,” ho bolela Jehova, “’me u se ke ua tšoha, Uena Iseraele.+ Etsoe bona! ke u pholosa u le hōle le bana ba hao naheng ea kholeho ea bona.+ Ka sebele Jakobo o tla khutla ’me a se ke a khathatsoa ’me a lule ka boiketlo, ’me ha ho na ea tla baka ho thothomela.”+

  • Baroma 8:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 Joale, re tla re’ng linthong tsee? Haeba Molimo a eme le rōna, ke mang ea tla ba khahlanong le rōna?+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela