Esaia
43 Joale sena ke seo Jehova a se boletseng, ’Mōpi+ oa hao, Uena Jakobo, le Moetsi+ oa hao, Uena Iseraele: “U se ke ua tšoha, etsoe ke u rekolotse.+ Ke u bitsitse ka lebitso.+ U oa ka.+ 2 Haeba u ka feta metsing,+ ke tla ba le uena;+ le linōkeng, li ke ke tsa u hohola.+ Haeba u ka tsamaea mollong, u ke ke ua tlaboha, kapa hona hore lelakabe le u tlabole.+ 3 Etsoe ke ’na Jehova Molimo oa hao, Mohalaleli oa Iseraele Mopholosi oa hao.+ Ke fane ka Egepeta e le thekollo bakeng sa hao,+ Ethiopia+ le Seba sebakeng sa hao. 4 Ka lebaka la hore u bile bohlokoa mahlong a ka,+ u talimiloe u hlompheha, ’me ke u ratile.+ Ke tla fana ka batho sebakeng sa hao, le lichaba sebakeng sa moea oa hao.+
5 “U se ke ua tšoha, etsoe ke na le uena.+ Ke tla tlisa peō ea hao e tsoa bochaba-tsatsi, ’me ke tla u phutha bophirima-tsatsi.+ 6 Ke tla re ho leboea,+ ‘Fana!’ le ho boroa, ‘U se ke ua thiba. Tlisa bara ba ka ho tsoa hōle, le barali ba ka ho tsoa pheletsong ea lefatše,+ 7 e mong le e mong ea bitsoang ka lebitso la ka+ le eo ke mo bōpetseng khanya ea ka,+ eo ke mo entseng, e, eo ke mo entseng.’+
8 “Tlisang batho ba foufetseng le hoja mahlo a le teng, le ba sa utloeng litsebeng le hoja ba e-na le litsebe.+ 9 Lichaba kaofela li ke li bokelloe sebakeng se le seng, ’me lihlopha tsa lichaba li bokelloe.+ Ke mang har’a tsona ea ka bolelang sena?+ Kapa na li ka etsa hore re utloe lintho tsa pele?+ Li ke li hlahise lipaki+ tsa tsona, e le hore ho boleloe hore li lokile, kapa li utloe ’me li re, ‘Ke ’nete!’”+
10 “Le lipaki+ tsa ka,” ho bolela Jehova, “eena mohlanka oa ka eo ke mo khethileng,+ e le hore le tle le tsebe+ ’me le be le tumelo ho ’na,+ le hore le utloisise hore ke ’na Ea tšoanang.+ Pele ho ’na ha ho na Molimo ea ileng a etsoa,+ ’me le ka mor’a ka ho ile ha tsoela pele ho se e mong.+ 11 ’Na—ke ’na Jehova,+ ’me ha ho na mopholosi ntle ho ’na.”+
12 “Ke boletse ’me ke pholositse ’me ke entse hore ho utluoe,+ ha ho ne ho se na molimo osele har’a lōna.+ Kahoo le lipaki tsa ka,”+ ho bolela Jehova, “’me ke ’na Molimo.+ 13 Hape, ka linako tsohle ke ’na Ea tšoanang;+ ’me ha ho na ea lopollang letsohong la ka.+ Ke tla sebetsa,+ ’me ke mang ea ka le tlosang?”+
14 Sena ke seo Jehova a se boletseng, Morekolli oa lōna,+ Mohalaleli oa Iseraele:+ “Molemong oa lōna ke tla romeletsa Babylona ke lihe+ mekoallo ea lichankana, ’me ke etse hore Bakalde ba bokolle likepeng.+ 15 Ke ’na Jehova Mohalaleli+ oa lōna, ’Mōpi oa Iseraele,+ Morena oa lōna.”+
16 Sena ke seo Jehova a se boletseng, Ea etsang tsela leoatleng le tsela har’a metsi a matla,+ 17 Ea hlahisang koloi ea ntoa le pere, lebotho la sesole le ba matla ka nako e tšoanang:+ “Ba tla robala.+ Ba ke ke ba tsoha.+ Ka sebele ba tla felisoa.+ Ba tla tima joaloka khoele ea lebone ea folakse.”+
18 “Le se ke la hopola lintho tsa pele, ’me le se ke la nahana ka lintho tsa pele. 19 Bonang! Ke etsa ho hong ho hocha.+ Joale ho tla hlaha. Le tla ho tseba, na ha ho joalo?+ Ruri, ke tla beha tsela lefeelleng,+ ke behe linōka lehoatateng.+ 20 Sebata sa naha se tla ntlotlisa,+ liphokojoe le limpshe;+ kahobane ke tla be ke fane ka metsi lefeelleng, linōka lehoatateng,+ ho etsa hore sechaba sa ka, mokhethoa+ oa ka, a noe, 21 sechaba seo ke iketselitseng sona, e le hore se phete thoriso ea ka.+
22 “Empa ha ua mpitsa, Uena Jakobo,+ kahobane u khathetse ke ’na, Uena Iseraele.+ 23 Ha ua ntlisetsa linku tsa linyehelo tsa hao tse feletseng tsa secheso, ’me ha ua ntlotlisa ka mahlabelo a hao.+ Ha kea u qobella hore u ntšebeletse ka mpho, kapa ka u khathatsa ka libano tse tšoeu.+ 24 Ha ua nthekela lehlaka+ le monate ka chelete; ’me ha ua nkhotsofatsa ka mafura a mahlabelo a hao.+ Ha e le hantle u nqobeletse hore ke sebeletse ka lebaka la libe tsa hao; u nkhathalitse ka liphoso tsa hao.+
25 “’Na—ke ’na Ea hlakolang+ litlōlo tsa hao+ molemong+ oa ka, ’me nke ke ka hopola libe tsa hao.+ 26 Nkhopotse; a re kene kahlolong hammoho;+ bolela tlaleho ea hao e le hore u ka nepa.+ 27 Ntat’ao oa pele, o entse sebe,+ ’me babuelli ba hao ba ntšitetsoe.+ 28 Kahoo ke tla silafatsa likhosana tsa sebaka se halalelang, ’me ke tla nehelana ka Jakobo hore e be motho ea nehetsoeng timetso le Iseraele ke nehelane ka eona hore e be mantsoe a nyefolo.+