Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Itebela Khahlanong le Borapeli ba Melimo ea Litšoantšo?
“Bana ba banyenyane, itebeleng khahlanong le melimo ea litšoantšo.”—1 JOHANNE 5:21, NW.
1. Ke hobane’ng ha borapeli ba Jehova bo lokolohile borapeling ba melimo ea litšoantšo?
JEHOVA ha se molimo oa setšoantšo sa tšepe, sa lehong, kapa sa lejoe. A ke ke a behoa ka tempeleng ea lefatšeng. Kaha ke Moea o matla ’ohle, ha a bonahale ho batho, ho ke ke ha etsahala hore ho etsoe setšoantšo sa hae. Kahoo, borapeli bo hloekileng ba Jehova bo tlameha ho lokoloha ka ho feletseng borapeling ba melimo ea litšoantšo.—Exoda 33:20; Liketso 17:24; 2 Ba-Korinthe 3:17.
2. Ke lipotso life tseo ho hlokahalang hore re nahane ka tsona?
2 Joale, haeba u le morapeli oa Jehova, ke hantle ha u botsa, ‘Borapeli ba melimo ea litšoantšo ke eng? Bahlanka ba Jehova ba ile ba khona joang ho bo qoba nakong e fetileng? Hona ke hobane’ng ha re lokela ho itebela khahlanong le borapeli ba melimo ea litšoantšo kajeno?’
Seo Borapeli ba Litšoantšo bo Leng Sona
3, 4. Borapeli ba litšoantšo bo ka hlalosoa joang?
3 Ka ho tloaelehileng, borapeli ba litšoantšo bo akareletsa tšebeletso ea bolumeli kapa neano. Borapeli ba litšoantšo ke tlhompho, lerato, borapeli, kapa ho khumamela molimo oa setšoantšo. Molimo oa setšoantšo ke eng? Ke setšoantšo, ntho e emelang ho itseng, kapa ntho e rapeloang. Hangata, borapeli ba melimo ea litšoantšo bo lebisitsoe matleng a sebele kapa a inahaneloang ao ho lumeloang hore aa phela (motho, phoofolo, kapa mokhatlo). Empa borapeli ba melimo ea litšoantšo bo ka boetse ba sebelisoa linthong tse sa pheleng (matla kapa ntho ea tlhaho e sa pheleng).
4 Ka Mangolong, hangata mantsoe a Seheberu a bolelang melimo ea litšoantšo a hatisa ho hloka thuso, kapa ke mantsoe a nyefolang. Har’a mantsoe ana ke a fetoleloang e le “setšoantšo se betliloeng kapa se setiloeng” (ka kutloisiso ea sebele, ntho e betliloeng); “seemahale se tšolotsoeng, setšoantšo, kapa molimo oa setšoantšo” (ntho e bōpiloeng kapa e tšolotsoeng); “molimo o tšabehang oa setšoantšo”; “molimo o se nang thuso oa setšoantšo” (ka kutloisiso ea sebele, lefeela); le “molimo oa setšoantšo sa bolokoe se nyonyehang.” Lentsoe la Segerike eiʹdo·lon le fetoleloa e le “molimo oa setšoantšo.”
5. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore ha se litšoantšo tsohle tseo e leng melimo ea litšoantšo?
5 Hase litšoantšo tsohle tseo e leng melimo ea litšoantšo. Molimo ka boeena o ile a bolella Baiseraele hore ba etse likerubime tse peli tsa gauda bakeng sa areka ea selekane le hore ba rokelle litšoantšo tsa libōpuoa tseo tsa moea sekoaheloang se ka hare sa masela a leshome a tente a tabernakele le khareteneng e arolang Sehalalelo ho Sehalalelisiso. (Exoda 25:1, 18; 26:1, 31-33) Ke baprista ba behiloeng ka molao feela ba neng ba bona lintho tsena tse neng li emela ho hong tse neng li sebeletsa haholo-holo e le ntho e emelang likerubime tsa leholimo. (Bapisa le Ba-Heberu 9:24, 25.) Ho hlakile hore litšoantšo tsena tsa tabernakeleng tsa likerubime li ne li sa tlameha ho hlomphuoa, kaha le ’ona mangeloi a lokileng a sa amohele borapeli.—Ba-Kolosse 2:18; Tšenolo 19:10; 22:8, 9.
Pono ea Jehova ka Borapeli ba Melimo ea Litšoantšo
6. Pono ea Jehova ke efe ka borapeli ba melimo ea litšoantšo?
6 Bahlanka ba Jehova ba itebela khahlanong le borapeli ba melimo ea litšoantšo hobane o khahlanong le litšebeletso tsohle tsa borapeli ba melimo ea litšoantšo. Molimo o ile a laela hore Baiseraele ba se ke ba etsa litšoantšo tseo e leng lintho tseo ba tla li hlompha kapa ba li rapela. Har’a Melao e Leshome ho na le mantsoe ana: “U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng, leha e le setšoantšo se le seng sa tse holimo maholimong, leha e le sa tse tlase lefatšeng, leha e le sa tse metsing ka tlase ho lefatše. U se ke ua li khumamela, u se ke ua li sebeletsa; hobane ’na Jehova, Molimo oa hao, ke Molimo o boulelang, o otlang bana ka bokhopo ba batsoali ba bona ho isa molokong oa boraro le oa bone oa ba ntlhoeang; empa ke hauhela ba nthatang, ba bolokang melao ea ka, ho isa melokong e sekete.”—Exoda 20:4-6.
7. Ke hobane’ng ha Jehova a le khahlanong le borapeli bohle ba melimo ea litšoantšo?
7 Ke hobane’ng ha Jehova a le khahlanong le borapeli bohle ba melimo ea litšoantšo? Lebaka la sehlooho ke hore o batla boinehelo bo isoe ho eena a ’notši, joalokaha ho bontšitsoe ka holimo molaong oa bobeli oa Melao e Leshome. Ho feta moo, ka moprofeta oa hae Esaia o itse: “Ke ’na Jehova, ke lona lebitso la ka, nke ke ka nea e mong khanya ea ka, nke ke ka neha litšoantšo thoko e ntšoanelang.” (Esaia 42:8) Ka lekhetlo le leng, borapeli ba melimo ea litšoantšo bo ile ba tšoasa Baiseraele joaloka sefi hoo “ba neng ba etsa bara le barali ba bona mahlabelo a eang ho bademona.” (Pesaleme ea 106:36, 37) Batho ba rapelang melimo ea litšoantšo ha ba latole feela hore Jehova ke Molimo oa ’nete empa ba boetse ba sebeletsa lithahasello tsa Sera sa hae se seholo, Satane, hammoho le bademona.
Ho Tšepahala Tlas’a Teko
8. Baheberu ba bararo Shadrake, Meshake, le Abede-Nego ba ile ba tobana le teko efe?
8 Ho tšepahala ho Jehova ho boetse ho re etsa hore re itebele khahlanong le borapeli ba melimo ea litšoantšo. Sena se bontšoa ke ketsahalo e tlalehiloeng ho Daniele khaolo 3. Morena Nebukadnezare oa Babylona o ile a bokella basebeletsi ba ’muso oa hae, e le hore ho khakoloe setšoantšo se seholo sa gauda seo a neng a se entse. Taelo ea hae e ne e ama Shadrake, Meshake, le Abede-Nego—balaoli ba bararo ba Baheberu ba neng ba hlokometse setereke sa Babylona. Bohle ba neng ba le teng ba ile ba laeloa hore ba khumame ka pel’a setšoantšo ha ho utloahala molumo oa liletsa tsa ’mino. Bona ke boiteko bo neng bo etsoa ke molimo oa sebele oa Babylona, Satane, ho etsa hore Baheberu ba bararo ba khumame ka pel’a setšoantšo se neng se emela ’Muso oa Babylona. Ak’u inke sa mokana u ne u le teng.
9, 10. (a) Baheberu ba bararo ba ile ba nka boemo bofe, hona ba ile ba putsoa joang? (b) Lipaki tsa Jehova li fumana khothatso efe ho se entsoeng ke Baheberu ba bararo?
9 Bona! Baheberu ba bararo ba eme. Ba hopola molao oa Molimo khahlanong le ho etsa le ho sebeletsa melimo ea litšoantšo kapa litšoantšo tse betliloeng. Nebukadnezare o ba fa taelo—khumamang kapa le shoe! Empa e le ha ba bontša botšepehi ho Jehova, ba re: “Molimo oa rōna, oo re o sebeletsang, o na le matla a ho re lokolla seboping sa mollo o bohale, ’me o fela o tla re lokolla letsohong la hao, morena. Leha ho se joalo, u tsebe, morena, hobane re ke ke ra sebeletsa melimo ea hao, re ke ke ra khumamela setšoantšo sa gauda seo u se emisitseng.”—Daniele 3:16-18.
10 Bahlanka bana ba tšepahalang ba Molimo ba akheloa ka seboping sa mollo o bohale. Nebukadnezare a makalitsoe ke ho bona batho ba bane ba tsamaea seboping, o bolella Baheberu ba bararo hore ba tsoe, ’me ba tsoa ba sa cha. Ha a bona seo morena o re: “Ho rorisoe Molimo oa Shadrake le Meshake le Abede-Nego, o romileng lengeloi la oona [motho oa bone ea leng ka sebōping], oa boloka bahlanka ba oona ba o tšepileng, ba tlōtseng taelo ea morena, ba telileng ’mele ea bona, hore ba tle ba se ke ba sebeletsa, ba rapela molimo o mong ha e se Molimo oa bona. . . . Ha ho molimo o mong o ka lokollang ka mokhoa o joalo.” (Daniele 3:28, 29) Ho boloka botšepehi ha Baheberu bao ba bararo ho fana ka khothatso ho Lipaki tsa Jehova kajeno hore li tšepahale ho Molimo, li boloke ho se nke lehlakore lefatšeng, ’me li qobe borapeli ba melimo ea litšoantšo.—Johanne 17:16.
Melimo ea Litšoantšo e Sitoa ho Ikemela ka Khotla
11, 12. (a) Esaia o entse tlaleho efe mabapi le Jehova le melimo ea litšoantšo? (b) Melimo ea lichaba e ile ea tsoella joang ha e phephetsoa ke Jehova?
11 Lebaka le leng la ho itebela khahlanong le borapeli ba melimo ea litšoantšo ke hore ho hlompha melimo ea litšoantšo ha ho na thuso. Le hoja melimo e meng ea litšoantšo e entsoeng ke motho e ka bonahala e phela—hangata e na le melomo, mahlo, le litsebe—e sitoa ho bua, ho bona, kapa ho utloa, ’me e ke ke ea etsa letho ho ba e sebeletsang. (Pesaleme ea 135:15-18) Sena se bontšitsoe lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., ha moprofeta oa Molimo a tlaleha nyeoe ea lekhotla pakeng tsa Jehova le melimo ea litšoantšo ho Esaia 43:8-28. Nyeoeng ena batho ba Jehova ba Baiseraele ba ne ba le ka lehlakoreng le leng, ’me lichaba tsa lefatše li le ka lehlakoreng le leng. Jehova o ile a phephetsa melimo ea bohata ea lichaba hore e bolele “litaba tsa pele,” e leng hore e profete ka ho nepahetseng. Ha ho molimo o neng o ka etsa joalo. Ha Jehova a fetohela ho sechaba sa hae, o re: “Le lipaki tsa ka . . . ke ’na Molimo.” Lichaba li ne li sitoa ho paka hore melimo ea tsona e bile teng pele ho Jehova kapa hore e ka profeta. Empa Jehova o ile a bolela esale pele ka ho etsoa lesupi ha Babylona le ho lokolloa ha sechaba sa hae se botlamuoeng.
12 Ho phaella moo, joalokaha ho tlalehiloe ho Esaia 44:1-8, bahlanka ba Molimo ba lokolotsoeng ba ne ba ka bolela hore ‘ke ba Jehova.’ Eena ka boeena o ile a re: “Ke ’na oa pele le oa morao; ha e se ’na, ha ho Molimo.” Ha ho khanyetso eo melimo ea litšoantšo e e etsang. Jehova o boela a re ho sechaba sa hae: “Ke lōna lipaki tsa ka! Na o teng Molimo, ha e se ’na na? Ha ho lefika le leng.”
13. Borapeli ba melimo ea litšoantšo bo senola eng ka morapeli oa melimo ea litšoantšo?
13 Re boetse re itebela khahlanong le borapeli ba melimo ea litšoantšo hobane ho kopanela ho bona ho bontša hore re hloka bohlale. Ka karolo eo morapeli oa melimo ea litšoantšo a e khethang sefateng, o etsa molimo oo a tla o rapela, ’me ka karolo e ’ngoe o besa mollo ho pheha lijo tsa hae. (Esaia 44:9-17) Ke booatla bo bokaakang! Moetsi le mosebeletsi oa melimo ea litšoantšo o ba le lihlong ka lebaka la hore o hlōleha ho fana ka bopaki bo kholisang bo bontšang hore ke melimo. Empa ho ba Molimo ha Jehova ho ke ke ha belaelloa, hobane ha a ka a bolela esale pele feela ka ho lokolloa ha batho ba hae Babylona empa o boetse a etsa hore tokollo eo e etsahale. Jerusalema e ile ea boela ea ahuoa, metse ea Juda e ile ea tsosoa, ’me “boliba ba metsi” ba Babylona—Nōka ea Eufrate—bo ile ba khaotsa ho ba mohloli oa tšireletso. (Esaia 44:18-27, NW) Joalokaha Molimo o ile oa boela oa bolela esale pele, Cyruse oa Mopersia o ile a hapa Babylona.—Esaia 44:28–45:6.
14. Lekhotleng le Phahameng la Bokahohle, ho tla pakoa eng ka ho sa feleng?
14 Melimo ea litšoantšo e rapeloang e ile ea hlōloa ke nyeoe e mabapi le ho ba molimo ha eona. ’Me se ileng sa oela Babylona se tla oela ’mate oa hae oa kajeno, Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Eona hammoho le melimo eohle ea eona, liaparo tsa bolumeli, le lintho tsa borapeli ba melimo ea litšoantšo haufinyane li tla lebaloa ka ho feletseng. (Tšenolo 17:12–18:8) Ka Lekhotleng le Phahameng la Bokahohle, ho tla pakoa ka ho sa feleng hore Jehova ke eena feela Molimo o phelang le oa ’nete le hore o phethahatsa Lentsoe la hae la boprofeta.
Ho Etsetsa Bademona Mahlabelo
15. Moea o halalelang le sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo li bontšitse eng mabapi le batho ba Jehova le borapeli ba melimo ea litšoantšo?
15 Batho ba Jehova ba boetse ba itebela khahlanong le borapeli ba melimo ea litšoantšo hobane ba tataisoa ke moea oa Molimo le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Sehlopha se busang sa bahlanka ba Jehova sa lekholong la pele la lilemo se ile sa bolella Bakreste-’moho hore: “Ho hopotsoe ke moea o halalelang le ke rōna, hore re se ke ra le jarisa boima bo fetisang, ha e se ba litaba tsena tse tšoanelang, e leng ho tela tse hlabetsoeng melimo, le mali, le tse fenethiloeng, le bofebe; ha le itima ntho tseo, etlaba le etsa hantle. Salang ka khotso!”—Liketso 15:28, 29.
16. Ka mantsoe a hao, u ka hlalosa joang se boletsoeng ke Pauluse mabapi le lintho tse entsoeng mahlabelo ho melimo ea litšoantšo?
16 Lebaka le leng la ho itebela khahlanong le borapeli ba melimo ea litšoantšo ke ho qoba tšebelisano le bademona. Moapostola Pauluse ha a bua ka Sejo sa Morena sa Mantsiboea, o ile a bolella Bakreste ba Korinthe hore: “Le ke le tšabe tšebeletso ea litšoantšo. . . . Senoelo sa hlohonolofatso seo re se lebohang, na hase kopano le mali a Kreste na? Le bohobe boo re bo ngoathang, na hase kopano le ’mele oa Kreste na? Rōna, bao re leng bangata, re ’mele o le mong, kahoba bohobe bo le bong feela; hobane bohle re ja bohobe boo bo le bong. Bonang ba-Iseraele, bao e leng bona ka nama; ana ba jang mahlabelo ha ba jele aletareng na? Ha ho le joalo, ke re’ng? Na ke re, setšoantšo ke ntho na? Kapa se hlabetsoeng melimo ke ntho na? Ha ke rialo. Empa ke re: Lintho tsee bahedene ba li hlabelang aletareng, ba li hlabela bademona, e seng Molimo; ’me ke hana hoba le ka jesana le bademona. Re rata ho boulelisa Morena na? Hleka re mo fetisa ka matla na?”—1 Ba-Korinthe 10:14-22.
17. Lekholong la pele la lilemo C.E., Mokreste o ne a ka ja nama e entsoeng sehlabelo ho melimo ea litšoantšo maemong afe, hona hobane’ng?
17 Karolo e ’ngoe ea phoofolo e ne e etsoa sehlabelo se eang ho molimo oa setšoantšo, karolo e ’ngoe e ea ho baprista, ’me le morapeli o ne a ka sebelisa karolo e ’ngoe bakeng sa ho etsa mokete. Leha ho le joalo, karolo ea nama e ne e ka rekisoa ’marakeng. Ho ne ho sa khothaletsoe Mokreste hore a ee tempeleng ea molimo oa setšoantšo hore a je nama le hoja a sa e-je e le karolo ea tšebeletso ea borapeli, hobane sena se ne se ka khopisa baena kapa sa mo hulela borapeling ba bohata. (1 Ba-Korinthe 8:1-13; Tšenolo 2:12, 14, 18, 20) Ho nyehela phoofolo ho molimo oa setšoantšo ho ne ho sa fetole nama ea eona, kahoo Mokreste o ne a ka e reka ’marakeng. Ho ne ho boetse ho sa hlokahale hore a botse hore na nama e tsoa kae ha a ngoathetsoe lapeng la motho e mong. Empa haeba e mong a ne a ka bolela hore e “hlabetsoe litšoantšo,” o ne a ke ke a e ja, ho qoba ho khopisa motho leha e le mang.—1 Ba-Korinthe 10:25-29.
18. Ke joang batho ba jang ntho e entsoeng sehlabelo ho molimo oa setšoantšo ba neng ba ka amana le bademona?
18 Hangata ho ne ho nahanoa hore ka mor’a tšebeletso ea borapeli ea ho etsa sehlabelo, molimo o ne a sala nameng ’me a kena ’meleng ea batho ba e jeleng moketeng oa morapeli. Joalokaha batho ba neng ba ja ’moho ba ne ba theha tlamo pakeng tsa bona, le ba neng ba ja liphoofolo tsa mahlabelo ba ne ba kopanela aletareng ’me ba sebelisana le molimo oa ledemona ea neng a emeloa ke molimo oa setšoantšo. Ka borapeli bo joalo ba melimo ea litšoantšo, bademona ba ile ba thibela batho hore ba se ke ba rapela Molimo o le mong oa ’nete. (Jeremia 10:1-15) Hase feela batho ba Jehova ba neng ba tlameha ho tela lintho tse entsoeng mahlabelo bakeng sa melimo ea litšoantšo! Botšepehi ho Molimo, ho amohela ho tataisoa ke moea oa hae o halalelang le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, le boikemisetso ba ho qoba ho kopana le tšebelisano le bademona ho boetse ho ipakile e le litšusumetso tse matla tsa ho itebela khahlanong le borapeli ba melimo ea litšoantšo kajeno.
Ke Hobane’ng ha ho Hlokahala ho Itebela?
19. Ke borapeli ba mofuta ofe ba melimo ea litšoantšo bo neng bo le teng Efese?
19 Ka mafolo-folo Bakreste ba itebela khahlanong le borapeli ba melimo ea litšoantšo hobane bo na le litšobotsi tse ngata, ’me ketso e le ’ngoe feela ea borapeli ba melimo ea litšoantšo e ka sekisetsa tumelo ea bona. Moapostola Johanne o ile a bolella balumeli-’moho: “Itebeleng khahlanong le melimo ea litšoantšo.” (1 Johanne 5:21, NW) Keletso ena e ne e hlokahala hobane ba ne ba pota-potiloe ke borapeli ba melimo ea litšoantšo ba mefuta e mengata. Johanne o ile a ngola a le Efese, motse o neng o qoetse litloaelong tsa bonohe le litšomo tsa melimo ea bohata. Efese e ne e na le e ’ngoe ea lintho tse supileng tse hlollang lefatšeng—tempele ea Artemise, e leng sebaka seo batlōli ba molao ba neng ba koalloa ho sona le setsi sa liketso tsa boitšoaro bo bobe. Rafilosofi Heracleitus oa Efese o ile a tšoantša tsela e lefifi e eang aletareng ea tempele eo le lefifi la bobe, ’me o ne a nka boitšoaro ba batho ba amanang le tempele eo bo tšabeha le ho feta ba libatana. Ka hona, Bakreste ba Efese ba ne ba tlameha ho ema ba tiile khahlanong le tšebelisano le bademona, boitšoaro bo bobe, le borapeli ba melimo ea litšoantšo.
20. Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore ho qojoe esita le borapeli bo fokolang ba melimo ea litšoantšo?
20 Ho hlokahala hore Bakreste ba be le boikemisetso bo tiileng ba ho qoba esita le borapeli bo fokolang ba melimo ea litšoantšo hobane ketso e le ’ngoe feela ea borapeli ho Diabolose e ka tšehetsa tseko ea hae ea hore batho ba ne ba ke ke ba lula ba tšepahala ho Molimo tlas’a teko. (Jobo 1:8-12) Ha Satane a ne a bontša Jesu “mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona,” o ile a re: “Lintho tseo kaofela ke tla u nea tsona ha u ka oa ka mangole ’me ua etsa ketso ea borapeli.” Ho hana ha Kreste ho ile ha tšehetsa lehlakore la Jehova la tseko ea bobusi ba bokahohle ’me ha paka hore Diabolose o leshano.—Mattheu 4:8-11, NW; Liproverbia 27:11.
21. Mabapi le moemphera oa Roma, Bakreste ba tšepahalang ba ile ba hana ho etsa joang?
21 Le balateli ba Jesu ba pele ha baa ka ba etsa ketso ea borapeli e neng e tšehetsa lehlakore la Satane tsekong. Le hoja ba ne ba hlompha “balaoli ba phahameng,” ba ne ba ke ke ba chesa libano ho hlompha moemphera oa Roma, esita leha seo se ne se ka bolela hore ba bolaoe. (Ba-Roma 13:1-7, NW) Tabeng ena Daniel P. Mannix o ile a ngola: “Ke Bakreste ba ’maloa haholo ba ileng ba latola tumelo ea bona, le hoja ka tloaelo aletare e nang le mollo o tukang e ne e behoa lebaleng bakeng sa bona. Sohle se neng se hlokahala ho motšoaruoa e ne e le hore feela a fafatse bohashana ba libano lelakabeng la mollo ebe o fuoa Sethifikeite sa Sehlabelo ’me a lokolloe. O ne a boetse a hlalosetsoa ka hloko hore o ne a sa rapele moemphera; o mpa feela a amohela tšoaneleho ea bomolimo ea moemphera joaloka hlooho ea naha ea Roma. Leha ho le joalo, hoo e batlang e le Bakreste kaofela ba ne ba sa sebelise monyetla oo oa ho pholoha.” (Those About to Die, leqephe 137) Haeba le uena u ka lekoa ka tsela e tšoanang, na u ka hanela borapeli ba melimo ea litšoantšo ka ho feletseng?
Na U Tla Itebela Khahlanong le Borapeli ba Melimo ea Litšoantšo?
22, 23. Ke hobane’ng ha u lokela ho itebela khahlanong le borapeli ba melimo ea litšoantšo?
22 Ka ho hlakileng, Bakreste ba tlameha ho itebela khahlanong le borapeli ba melimo ea litšoantšo ba mefuta eohle. Jehova o batla boinehelo bo isoe ho eena a ’notši. Baheberu ba bararo ba tšepahalang ba behile mohlala o motle oa ho hana ho etsa setšoantšo se seholo se neng se phahamisitsoe ke morena Nebukadenezare oa Babylona molimo. Nyeoeng ea lekhotla ea bokahohle e tlalehiloeng ke moprofeta Esaia, ke Jehova feela ea bontšitsoeng hore ke Molimo oa ’nete le ea phelang. Lipaki tsa hae tsa pele tsa Bakreste li ile tsa tlameha ho tela lintho tse entsoeng sehlabelo bakeng sa melimo ea litšoantšo. Ba bangata ba tšepahalang ba neng ba le har’a bona ha baa ka ba inehela khatellong ea hore ba etse le ketso e le ’ngoe ea borapeli ba melimo ea litšoantšo e neng e tla tšoana le ho latola Jehova.
23 Joale, na uena ka bouena u itebela khahlanong le borapeli ba melimo ea litšoantšo? Na u fa Molimo boinehelo a ’notši? Na u tšehetsa bobusi ba Jehova ’me u mo phahamisa e le eena feela Molimo a le mong oa ’nete le ea phelang? Haeba ho joalo, boikemisetso ba hao e lokela ho ba ho tsoela pele u eme u tiile khahlanong le liketso tsa borapeli ba melimo ea litšoantšo. Empa ke lintlha life tse eketsehileng tsa Mangolo tse ka u thusang hore u itebele khahlanong le borapeli ba melimo ea litšoantšo ba mefuta eohle?
U Ikutloa Joang?
◻ Borapeli ba melimo ea litšoantšo ke eng?
◻ Ke hobane’ng ha Jehova a le khahlanong le mefuta eohle ea borapeli ba melimo ea litšoantšo?
◻ Baheberu ba bararo ba ile ba nka boemo bofe mabapi le borapeli ba melimo ea litšoantšo?
◻ Ba jang lintho tse entsoeng mahlabelo a melimo ea litšoantšo ba ka amana joang le bademona?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho itebela khahlanong le borapeli ba melimo ea litšoantšo?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Le hoja bophelo ba bona bo ne bo sokeloa, Baheberu ba bararo ba ne ba ke ke ba kopanela borapeling ba melimo ea litšoantšo