Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 7/15 leq. 28
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Itebela Khahlanong le Borapeli ba Melimo ea Litšoantšo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Itebeleng Khahlanong le Borapeli ba Melimo ea Litšoantšo ba Mefuta Eohle
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Tumelo ea Bona e Ile ea Pholoha Liteko Tse Matla
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Na U ka Sebeletsa Setšoantšo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 7/15 leq. 28

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ho 1 Petrose 4:3, re bala hore Bakreste ba bang ba ne ba kile ba kopanela “borapeling ba litšoantšo bo sa lumelloang.” Na hase ’nete hore Molimo ha a lumelle borapeli bohle ba litšoantšo, ’me oa bo nyatsa ebile o bo thibetse?

E, ponong ea Molimo, borapeli bohle ba litšoantšo ha boa lumelloa. Ba batlang kamohelo ea hae ba ke ke ba rapela litšoantšo.—1 Bakorinthe 5:11; Tšenolo 21:8.

Leha ho le joalo, ho bonahala eka moapostola Petrose o ne a bua ka borapeli ba litšoantšo ka kutloisiso e ’ngoe. Lebaka le leng ke hore lichabeng tse ngata tsa boholo-holo, borapeli ba litšoantšo bo ne bo tloaelehile ebile bo sa thibeloe ke ba boholong. Ka mantsoe a mang, molao oa naha o ne o sa thibele borapeli bo joalo ba litšoantšo. Borapeli bo bong ba litšoantšo e ne e bile e le karolo ea leano la sechaba kapa la ’muso. Ka kutloisiso ena, ba bang ba ne ba kopanetse ‘borapeling ba litšoantšo bo sa thibeloang ka molao’ pele e e-ba Bakreste. (Phetolelo ea Lefatše le Lecha, khatiso ea 1950 ea Senyesemane) Re hlokomele hore ka mohlala, Morena Nebukadnezare oa Babylona o ile a emisa setšoantšo se rapeloang sa khauta, empa bahlanka ba Jehova e leng Shadrake, Meshake le Abednego ba ile ba hana ho se rapela.—Daniele 3:1-12.

Maikutlo a mang ke hore mekete e mengata ea borapeli ba litšoantšo e ne e kopanyelletsa liketso tse khahlanong ka ho totobetseng le molao leha e le ofe oa tlhaho kapa molao oa boitšoaro o simolohang letsoalong leo motho a tsoetsoeng ka lona. (Baroma 2:14, 15) Moapostola Pauluse o ile a ngola ka mekhoa e bolileng e neng e le “khahlanong le tlhaho” ebile e le e “nyonyehang,” ’me hangata mekhoa ena e ne e etsoa meketeng ea bolumeli. (Baroma 1:26, 27) Banna le basali ba kopanelang borapeling ba litšoantšo bo sa lumelloang ba ne ba sa hlomphe thibelo ea molao e tsoang matsoalong a bona. Ka sebele ho ne ho loketse hore ba fetohang Bakreste ba tlohele mekhoa e joalo e senyang.

Ntle ho se ka holimo, Jehova Molimo o ne a nyatsa borapeli bo joalo ba litšoantšo bo neng bo tloaelehile ho batho bao e seng Bajuda. Kahoo bo ne bo le khahlanong le molao.a—Bakolose 3:5-7.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Taba e ngotsoeng ea Segerike ho 1 Petrose 4:3 ka ho toba e bolela “borapeli ba litšoantšo bo khahlanong le molao.” Polelo ena e fetoletsoe ka mekhoa e sa tšoaneng Libibeleng tsa Senyesemane ka mantsoe a kang “borapeli ba litšoantšo bo sa lokelang,” “borapeli ba litšoantšo bo thibetsoeng” le “borapeli ba litšoantšo bo seng molaong.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela